Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Dipesaleme 104:1 - BIBELE

1 Boka Morena, wena moya wa ka. Morena Modimo wa ka, o moholo hakaakang! O apere tlotla le botlotlehi,

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

1 Boka Jehova, moya wa ka! Jehova, Modimo wa ka, o moholo haholo, o apere kganya le bokgabane!

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Dipesaleme 104:1
16 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Bokang Morena, lona mesebetsi ya hae yohle, hohle moo a busang teng. Boka Morena, wena moya wa ka.


Baetsadibe ba ke ba fele lefatsheng, ba kgopo ba se hlole ba eba teng. Boka Morena, wena moya wa ka. Haleluja!


Morena o moholo, o lokelwa ke thoriso e kgolo, boholo ba hae ha bo fihlelwe.


Kodi-ya-malla ya Davida eo a e binetseng Morena ka baka la mantswe a Kushe, Mobenjamine.


Morena ke kgosi, o kgabile ka botlotlehi; matla ke seaparo sa hae le leqhama la hae. O tiisitse lefatshe, le ke ke la sisinyeha.


Morena ke Modimo e moholo, ke kgosi e kgolo, e phahametseng medimo yohle.


O eteletswe pele ke tlotla le botlotlehi, matla le kganya di Sehalalelong sa hae.


Ho loka ha sireletsa sefuba sa hae, hloohong a rwala katiba ya tshepe ya pholoho; a apara diaparo tsa boiphetetso, tjheseho ya eba yona kobo ya hae.


Na motho a ka ipata dikgotjheletsaneng, a ipata teng, yaba ha ke mmone?” ho rialo Morena. “Na ha ke fumanwe lehodimong le lefatsheng?” ho rialo Morena.


“Ha ke ntse ke tadimile: Ka bona diterone di bewa madulong, Moholo wa Matsatsi a dula hodima ya hae. Aparo tsa hae di ne di le tshweu sa lehlwa, moriri wa hae o re bja! jwaloka boya, terone ya hae e ne tuka malakabe, mabidi a yona a ka mollo o tukang.


Ka rapela Morena Modimo wa ka, ka etsa boipolelo bona, ka re: “Oho, Morena, wena Modimo e moholo, ya tshabehang, o baballa selekane sa hao sa lerato ka botshepehi ho ba o ratang, ba bolokang melao ya hao.


Oho, Morena, o bile teng pele le ho tlholeho! O Modimo wa ka, o Ya Halalelang wa ka! O Modimo wa ka, Modimo ya sa shweng. Oho, Morena, o ba kgethetse ho phetha kahlolo. Oho, Lefika la ka, o ba reretse ho re kgalema.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ