Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Dipesaleme 103:22 - BIBELE

22 Bokang Morena, lona mesebetsi ya hae yohle, hohle moo a busang teng. Boka Morena, wena moya wa ka.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

22 Bokang Jehova, lona mesebetsi ya hae kaofela, nqalong tsohle tsa borena ba hae! Moya wa ka, o boke Jehova!

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Dipesaleme 103:22
14 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Pesalema ya Davida. Boka Morena, wena moya wa ka; botho bohle ba ka bo boke bitso la hae le halalelang.


Boka Morena, wena moya wa ka. Morena Modimo wa ka, o moholo hakaakang! O apere tlotla le botlotlehi,


Baetsadibe ba ke ba fele lefatsheng, ba kgopo ba se hlole ba eba teng. Boka Morena, wena moya wa ka. Haleluja!


Morena, mesebetsi yohle ya hao e a o leboha, le batshepuwa ba hao ba a o boka;


Molomo wa ka o ke o rorise Morena; batho bohle ba boke lebitso la hae le halalelang, ba le boke kamehla le mehla.


Haleluja! Rorisang Morena, lona ba mahodimong, mo roriseng, lona ba hodimodimo.


Tsohle tse phelang di ke di rorise Morena. Haleluja!


Phoofolo tse hlaha di a ntlhompha, diphokojwe le dimpshe di a nthorisa, hobane didiba ke di tjheka lehwatateng, dinoka di phalle naheng e omeletseng, ho nyorolla tjhaba sa ka, bakgethwa ba ka.


Binang ka nyakallo, lona mahodimo, hobane tsena Morena o di entse; howeletsang lona dikgohlo tsa lefatshe, lona dithaba binang haholo, le lona meru le fate tsohle tse ho lona, hobane Morena o lopolotse Jakobo, o bonahaditse tlotla ya hae, a e bonahatsa ka Iseraele.


Lona mahodimo binang ka thabo, wena lefatshe nyakalla, lona dithaba binang ka nyakallo! Morena o tshedisa setjhaba sa hae, o hauhela tjhaba sa hae se tujwang.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ