Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Dipesaleme 103:20 - BIBELE

20 Bokang Morena, lona mangeloi a hae, lona bahale ba phethang taelo tsa hae, ba mamelang seo a se bolelang.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

20 Bokang Jehova, lona mangeloi a hae, bahale ba matla, ba phethang lentswe la hae, ba mamelang molomo wa hae!

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Dipesaleme 103:20
14 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ka bona bosiu boo, lengeloi la Morena la tswa, la ya diahelong tsa Baasiria, la bolaya Baasiria ba dikete tse lekgolo le mashome a robedi a metso e mehlano. Ha bosiu bo wela fatshe, kaofela ha bona ya be e se e le ditopo.


Mo roriseng, lona mangeloi a hae kaofela, mo roriseng, lona mabotho a hae wohle.


Tsohle di ke di rorise lebitso la Morena, hobane o ile a laela, mme tsa hloleha.


Pesalema ya Davida. Thoholetsang Morena, lona bara ba Modimo; thoholetsang tlotla le matla a Morena.


Motho a ja bohobe ba mangeloi, a ba fa kgora ya dijo.


Dirafime di ne di eme kahodimo ho yena, mme serafime ka seng se ne se ena le mapheo a tsheletseng: Ka a mabedi se ikgurumeditse sefahleho, ka a mabedi se ikwahetse maoto, ka a mabedi se fofa.


“Ka selemo sa pele sa puso ya Dariuse wa Momede, ke ile ka mo tshehetsa, ka mo sireletsa.”


Morena o kgaruma a eteletse mabotho a hae pele, hoba mabotho a hae e hlile ke boiyane; ke dinatla, a phetha taelo ya hae. Letsatsi la Morena le leholo, le leholo le bile le a tshabeha! E be ke mang ya ka le mamellang?


Kapa o lekanya hore ke sitwa ho rapela Ntate, a nthomelle hona jwale mabotho a mangeloi a fetang leshome le metso e mmedi?


Mmuso wa hao o tle; thato ya hao e etswe lefatsheng jwaloka lehodimong.


Lengeloi la mo araba, la re: “Ke nna Gabariele, ya emang kapele ho Modimo, mme ke romilwe ho bua le wena, le ho o bolella molaetsa ona o molemo.


Kahoo mangeloi ke eng, haese meya e sebeletsang, le bahlanka ba rongwang ke Modimo ho thusa ba tla ja lefa la pholoho?


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ