Kgosi ya ema ditulong tsa yona, ya etsa selekane kapele ho Morena, ya re e tla latela Morena, e boloke ditaelo tsa hae, le ditemoso tsa hae, le melao ya hae, ka pelo ya yona yohle, le ka moya wa yona wohle, ho phethisa mantswe a selekane, a ngotsweng bukeng ena.
Ha bara ba hao ba ka boloka selekane sa ka, ba latela ditemoso tseo ke ba neileng tsona, le bara ba bona ba tla dula teroneng, teroneng ya hao kamehla.”
Ha feela le ka mamedisa lentswe la ka, mme la boloka selekane sa ka, le tla ba setjhaba sa ka se kgethehileng hara ditjhaba tsohle, hobane lefatshe lohle ke la ka.
Itlhokomeleng, esere la lebala selekane sa Morena Modimo wa lona, seo a se entseng le lona, yaba le iketsetsa setshwantsho se betlilweng, se nang le sebopeho sa ntho efe kapa efe, eo Morena Modimo wa lona, a le hanetseng yona.
“Haeba le mamela ditaelo tsena, le di boloka, le di phetha, Morena Modimo wa lona, o tla boloka selekane le lerato leo a neng a le hlapanyetse bo-ntata lona.
Tsebang ke hona hore Morena Modimo wa lona, ke yena Modimo. Ke Modimo ya tshepahalang, ya bolokang selekane le lerato la hae le tiileng ho ba mo ratang, le ho ba bolokang melao ya hae, ho isa melokong e sekete.
Jwale he, bana beso, le utlwile ka rona mokgwa oo le tshwanetseng ho phela le ho kgahlisa Modimo ka wona. Ka Morena Jesu, re a le kopa, mme re a le rapela hore le phele jwalo, le nne le atlehe le ho feta.