Mohla matsatsi a ho qetela, thaba eo Tempele ya Morena e leng hodima yona e tla phahamela dithaba tsohle, e phahamele le maralla wohle, ditjhaba tsohle di phallele ho yona.
Matjhabatjhaba a tla fihla, a re: “Tloong, re nyoloheleng Thabeng ya Morena, re nyoloheleng Tempeleng ya Modimo, Tempeleng ya Modimo wa Jakobo. O tla re ruta ditaba tsa hae, re tle re tsamaye tseleng tsa hae;” kaha molao o tla tswa Thabeng ya Sione, ntswe la Morena le tswe Jerusalema.
Ha nako eo e fihla, Jerusalema e tla bitswa terone ya Morena, ditjhaba tsohle di phuthehele Jerusalema ho ya kgumamela Morena. Tjhaba tseo di ke ke tsa hlola di etsa seo dipelo tsa sona tse manganga, tse kgopo, di lakatsang hore se etswe.