Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Dipesaleme 102:17 - BIBELE

17 Ha Morena a tsosa marako a Sione, o tla bonahatsa tlotla ya hae, a e bonahatse ho yona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

17 o tla retelehela ho ba lesitsi ba rapelang, mme a ke ke a nyedisa thapelo ya bona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Dipesaleme 102:17
16 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Oho, Morena, ke a o rapela: Ako thee tsebe o mamele thapelo ya mohlanka wa hao, le thapelo ya bahlanka ba hao, ba tjhesehelang ho hlompha lebitso la hao. Ke a o rapela: Ako atlehise mohlanka wa hao, hona kajeno, mme o etse hore monna enwa a mo hauhele.” Mehleng eo ke ne ke le moqhatsetsi wa kgosi.


ako thee tsebe, o mamele, le mahlo a hao a ke a tadime, o tle o utlwe thapelo ya mohlanka wa hao, eo ke e etsang ke le kapele ho wena, bosiu le motsheare. Ke rapella bana ba Iseraele, e leng bahlanka ba hao, mme ke bolela dibe tsa bona, tseo re o sitetsweng ka tsona. Esita le nna, le ba lelapa leso, re entse sebe.


Yaba ke a ba araba, ke re ho bona: “Modimo wa mahodimo ke yena ya tla re atlehisa; ka baka lena, rona, bahlanka ba hae, re tla ema ka maoto, re hahe. Ha e le lona, mona Jerusalema, ha le na kabelo, kapa tokelo, kapa sefika.”


Morena o tsosa marako a Jerusalema, o phutha Baiseraele ba neng ba lelekilwe.


“Lona ba hlomphang Morena, mo roriseng; lona ditloholo tsohle tsa Jakobo, mo tlotliseng; lona ditloholo tsohle tsa Israele, mo tshabeng.


Eka dijo tsa bona di ka ba fetohela leraba, mekete ya bona ya mahlabelo ya ba fetohela letlowa.


O tla lopolla mohloki ya llang ho yena, le mohlophehi ya hlokang mothusi.


Ba kgopo ba ikela Nqalong ya Bafu: tjhaba tsohle tse sa reng letho ka Modimo.


Tlotla ya Morena e tla bonahatswa, batho bohle ba tla e boha ba le mmoho, hoba Morena o boletse jwalo.”


Ke nna ya phethahatsang polelo tsa mohlanka wa ka, ya phethisang merero ya baromuwa ba ka, ya reng ho Jerusalema: ‘O tla ba le baahi!’ ya reng ho metse ya Juda: ‘Le tla hahuwa!’ ho dithako tsa yona: ‘Ke tla le tsosa!’


“Matsatsi a a tla,” ho rialo Morena, “ao ka wona motse ona o tla tsoswa ho tloha Toreng ya Hananele ho ya fihla Kgorong e Hukung.


“Morena o tla ahlola, a ahlolele tjhaba sa hae, a utlwele bahlanka ba hae bohloko, ha a bona matla a bona a fedile, a sa siye mothopuwa kapa molokolohi.


Empa ha le le moo le tla batla Morena Modimo wa lona. Haeba le mmatla ka dipelo tsa lona tsohle, le ka moya wa lona wohle, le tla mo fumana.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ