Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Dipesaleme 102:12 - BIBELE

12 Ditshiu tsa ka di tshwana le meriti e theang, ke omella jwaloka jwang.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

12 Empa wena, Jehova, o hlola ka ho sa feleng, mme lebitso la hao le tla hopolwa melokong le melokong.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Dipesaleme 102:12
15 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

o fupuha jwaloka palesa a be a pone, o baleha jwaloka seriti, ebe o nyametse.


Rona ba maobane re hloka tsebo; matsatsi a rona ho lena lefatshe a ka moriti ha o falola.


Ke ikela jwaloka meriti e theang, ke fefolwa jwaloka tsie.


Morena, lebitso la hao ke la kamehla yohle; Morena, o tla hopolwa, o hopolwe ke meloko yohle.


Dira di ripitletswe ruri; metse ya tsona o e fetotse masupi, ha e sa tla hlola e hopolwa.


Hoseng bo a mela, bo palese; mantsiboya bo a pona, bo omelle.


Modimo a boela a re ho Moshe: “O tla bolella bana ba Iseraele tjena: ‘Morena, Modimo wa bo-ntata lona, Modimo wa Aborahama, Modimo wa Isaka, le Modimo wa Jakobo, o nthomile ho lona.’ Lena ke lona lebitso la ka la mehla yohle; ke tla tsejwa ka lona ke meloko yohle.


“Morena, Kgosi ya Iseraele le Molopolli, Morena wa mabotho o bua tjena: ‘Ke nna wa pele le wa ho qetela, kantle ho nna ha ho na Modimo.


“Le hoja o no furaletswe, o bile o hloilwe, ho se na motho ya keng a o tjhakele, ke tla o etsa ya kgabane kamehla yohle, ya tla thabisa e mengatangata meloko.


Wena Morena, o busa kamehla yohle, terone ya hao e hlomamiseditswe meloko yohle.


Leaho la hao ke Modimo wa mehla yohle, matsoho a mehla yohle a o tshehetsa; a phaladisa sera kapele ho wena, a o laela hore o se timetse.


Le kajeno Jesu Kreste e ntse e le yena wa maobane, mme e tla nne e be yena kamehla yohle.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ