Dipesaleme 100:5 - BIBELE5 Morena o molemo, mohau wa hae ke wa kamehla yohle, botshepehi ba hae ke bo isang melokong yohle. အခန်းကိုကြည့်ပါ။Sesotho 1909/1961 (SO)5 Hobane Jehova o molemo, mohau wa hae o hlola ka ho sa yeng kae, le botshepehi ba hae melokong le melokong. အခန်းကိုကြည့်ပါ။ |
Baletsi ba diterompeta, le dibini, ba amohela pina jwalokaha eka ho bina motho a le mong, ba rorisa Morena. Ba ne ba tlatsitswe ke diterompeta, le matlheretlhere le diletsa tse ding, ba rorisa Morena, ba re: “Bokang Morena hobane o molemo; mohau wa hae ke wa kamehla yohle.” Yaba leru le tlala ka Tempeleng ya Morena.
ho tla boela ho utlwahala mehoo ya thabo le ya nyakallo, le lentswe la monyadi le lentswe la monyaduwa, le mantswe a binang, ha ba tlisa nyehelo tsa teboho ka Tempeleng ya Morena, ba re: “ ‘Lebohang Morena wa mabotho, hobane Morena o lokile, mohau wa hae ke wa kamehla yohle,’ “hobane ke tla kgutlisa bathopuwa ba naha ena, mme ba tla ba jwaloka pele, ho rialo Morena.