Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Dipesaleme 100:4 - BIBELE

4 Kenang dikgorong tsa hae le ntse le mmoka, le mabaleng a hae le ntse le mo rorisa; mo leboheng, le boke lebitso la hae.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

4 Kenang dikgorong tsa hae ka diteboho, le mabaleng a hae ka dithoko! Mo leboheng, le rorise lebitso la hae!

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Dipesaleme 100:4
17 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Re a o leboha Modimo wa rona, re rorisa lebitso la hao le tlotlehang.


Yaba Davida o re ho setjhaba sohle: “Rorisang Morena Modimo wa lona!” Setjhaba sohle sa rorisa Morena Modimo wa bo-ntata sona; sa inamisa dihlooho tsa sona, sa kgumamela Morena, sa isa hlompho ho kgosi.


Jwale maoto a rona a eme dikgorong, dikgorong tsa hao, Jerusalema.


Ke moo ho nyolohelang meloko, meloko yohle ya Morena, ka taelo e neilweng Iseraele, hore e yo boka lebitso la Morena.


Pesalema ya Davida, e qapetsweng motsamaisi wa dibini. Sefela.


Ke tla ya tlung ya hao ke nkile setjheso, ke o phethele dikano tsa ka,


A re itlhahiseng kapele ho yena, re itlhahise ka teboho, re mo rokeng ka mehoo ya thabo.


Binelang Morena, bokang lebitso la hae, ka letsatsi le letsatsi, phatlalatsang le phatlalatse tsa ho pholosa ha hae.


Thoholetsang tlotla e lokelang lebitso la Morena, tloong mabaleng a hae, le mo nyehelle.


Ho bokwe lebitso la hao le leholo, le a tshabeha, le a halalela.


Balopollwa ba Morena ba tla kgutla ka yona, ba kene Sione ba bina ka nyakallo, thabo ya kamehla e be mefaphahlooho ya bona, thabo le nyakallo di ba aperele, maswabi le masisipelo wona a ba tlohele.


Ka baka leo, ka Jesu, a re se phetseng ho nyehella Modimo ka sehlabelo sa thoriso e tswang melomong e rokang lebitso la hae.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ