Boholo, le matla, le tlotla ke tsa hao, Morena, le tlholo, le botlotlehi. Tsohle tse lehodimong le lefatsheng ke tsa hao; mmuso ke wa hao, Morena, ke wena hlooho, o phahametse tsohle.
Mmuso wa hao ke mmuso wa kamehla yohle, le puso ya hao ke ya meloko yohle. Morena o tshepahala dipolelong tsohle tsa hae, o mohau mesebetsing yohle ya hae.
Empa Morena ke Modimo wa nnete, ke Modimo ya phelang, Kgosi ya kamehla yohle. Ha a halefile fatshe lohle le a reketla, tjhaba di sitwa ho mamella kgalefo ya hae.
“Ha nako e badilweng e se e fetile, nna Nebukadenesare, ke ile ka lelaletsa mahlo a ka lehodimong, kelello ya ka ya botho ya kgutla, yaba ke roka Ya Hodimodimo, ke a mo rorisa, ke tlotlisa yena ya phelang kamehla yohle: “Puso ya hae e hlola kamehla yohle, mmuso wa hae o akaretsa meloko yohle!
“Ke etsa taelo ya hore dinaheng tsohle tse pusong ya ka, batho ba tshabe, mme ba hlomphe Modimo wa Daniele. “Ke Modimo ya phelang, ya phelang kamehla yohle, mmuso wa hae o ke ke wa timetswa, matla a hae a ke ke a fediswa.
Le tla timela jwaloka ditjhaba tseo Morena a di timeditseng moo le ntseng le bona; le lona le tla timela jwalo, hobane ha le a ka la mamela lentswe la Morena Modimo wa lona.”