Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Dipesaleme 10:12 - BIBELE

12 Thusa, Morena! Oho, Modimo, itokisetse ho otla; o se ke wa lebala bahlophehi.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

12 Tsoha, Jehova! Oho Modimo, otlollela letsoho la hao hodimo. O se ke wa lebala ba madimabe!

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Dipesaleme 10:12
15 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Pesalema ya Davida, e qapetsweng motsamaisi wa dibini.


Thusa, Morena! Ba futuhele, o ba dihe; ka sabole ya hao pholosa bophelo ba ka ho ba kgopo;


Ako bonahatse mohau wa hao, mohau o hlollang. Ba balehelang ka tsohong la hao le letona, ke wena ya ba pholosang ho ba ba tsohelang matla.


Ha ke tshabe diketekete tsa batho tse ntikileng kamahohle.


dira di ke di ntelekise, di ntshware, di ke di nkgatakelle fatshe, di mpolaye, di nkepele leroleng.


Se neele sebata moya wa Leeba la hao, bophelo ba mafutsana a hao o se bo leballe ruri.


Na mohau wa hae o feletse ruri, ditshepiso tsa hae ha di sa tla phethwa, di phethelwa meloko yohle?


Rokang Morena ya busang Sione, phatlalatsang diketso tsa hae, le di phatlalatse hara ditjhaba,


hobane ya phetetsang madi o hopola bahlophehi, ha a lebale sello sa bona.


Mafutsana a ke ke a leballwa ruri, tshepo ya bahlophehi e ke ke ya fetoha lefeela.


Tsoha, wena moahlodi wa lefatshe, o nee baikgohomosi moputso wa bona.


Tsoho la hao le phahamisitswe, Morena, empa batho bana bona ha ba le bone; ako ba bontshe ha o tjhesehela tjhaba sa hao, ba bone, mme dihlong di ba aparele, mollo o tjhesang dira tsa hao o ba timetse.


“Jwale ke tla ema,” ho rialo Morena; “jwale ke tla tuma, jwale ke tla phahama.


Tsoho la hao le tla phahamela hodimo, le phahamele hodima ba o lwantshang, dira tsa hao tsohle di tla timetswa.


Samosone a ipiletsa ho Morena, a re: “Oho, Morena, ke a o rapela: Ako nkgopole, mme o ke o mmatlafatse ka lekgetlo lena le le leng feela, Modimo, e le hore ke tle ke pheteletse mahlo a ka a mabedi ka Bafilesita.”


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ