O se mpatele fahleho sa hao; o se halefele mohlanka wa hao, wa mo leleka. Ke wena mothusi wa ka, o se ke wa ntebela; o se ke wa ntahla Modimo, mopholosi wa ka.
Ke hobaneng o kang motho ya tsielehileng? O kang senatla se sitwang ho re pholosa? Oho, Morena, wena o hara rona, wena o itse re setjhaba sa hao; oho, se re furalle ke hona!