Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Diketso 9:6 - BIBELE

6 empa tsoha, o kene motseng, mme teng o tla bolellwa seo o lokelang ho se etsa.”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

6 A re ka tshoho le ka thothomelo: Morena, o rata hore ke etse eng na? Morena a re ho yena: Tsoha, o kene motseng, mme o tla bolellwa teng seo o tshwanetseng ho se etsa.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

6 Mme a thothomela, a makala, a re: Morena, o rata hore ke etseng? Morena a re ho yena: Ema, o kene motseng, mme o tla bolellwa seo o tshwanetseng ho se etsa.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

6 Mme a thothomela, a makala, a re: Morena, o rata hore ke etseng? Morena a re ho yena: Ema, o kene motseng, mme o tla bolellwa seo o tshwanetseng ho se etsa.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Diketso 9:6
33 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Haeba ho teng ya tshabang Morena, Morena o tla mmontsha tsela, tsela eo a tshwanetseng ho e kgetha.


Morena, ho lehlohonolo motho eo o mo kgalemelang, eo o mo rutang ka Molao wa hao,


Tsela tsa bona ke di bone, ke tla ba phekola; ke ba tsamaise, ke tshedise ba llang,


Ntho tsena tsohle di entswe ke nna, ka di etsa, mme jwale di teng,” ho rialo Morena. “Ya tjena ke yena eo ke mo ratang: Ya ikokobeditseng, ya moya o robehileng, ya thothomelang ha a utlwa lentswe la ka.


Lentswe la re ho nna: “Wena ngwana motho, ema ka maoto, mme ke tla bua le wena.”


Yaba matla a tswang ho Morena a ntsukutla, Morena a re: “Ema, o tsamaye, o ye phuleng, moo ke tla bua le wena teng.”


Ha ke utlwa ke ile ka ferekana, ka bebenya melomo ha ke utlwa modumo oo; masapo a ka a qala ho bola, maoto a ka le wona a rerekela. Empa tsatsi la koduwa ke tla le lebella, tsatsi leo ke le lebelle ka mamello, hore le tjhabele tjhaba se re futuhetseng.


Ba bangata bao e leng ba pele e tla ba ba ho qetela, mme ba ho qetela e be ba pele.”


Matshwele a mmotsa, a re: “Ha ho le jwalo, re etse eng?”


Ba re: “Molaodi wa lebotho la ba lekgolo, Kornele, monna ya lokileng, ya tshabang Modimo, ya pakwang ke setjhaba sohle sa Bajuda, o lemositswe ke lengeloi le halalelang, hore a o bitsetse ha hae, a tle a utlwe seo o tla mmolella sona.”


Ka baka leo, romela Jopo, o bitse Simone ya bitswang Petrose: ke moeti ha Simone, sesuhi sa matlalo, ya ahileng pela lewatle.’


ke moeti wa motho e mong, ya bitswang Simone, sesuhi sa matlalo, ya nang le ntlo pela lewatle.”


Yare ha ba utlwa ba ameha maikutlo, ba re ho Petrose le ho baapostola ba bang: “Re etse jwang, banna ba heso?”


“Ka re: ‘Ke etse jwang, Morena?’ “Morena a re ho nna: ‘Tsoha, o kene Damaseka, mme teng o tla bolellwa tsohle tseo Modimo a rerileng hore o di etse.’


Empa tsoha, o eme, hobane ke iponahaditse ho wena, hore ke o kgethe ho ba mosebeletsi le paki ya tseo o di boneng ka nna, le tseo ke tla iponahatsa ho wena ka tsona.


A botsa, a re: “O mang, Morena?” Lentswe la re: “Ke nna Jesu, eo o mo hlorisang,


Esaya yena o bile sebete hoo a ileng a re: “Ke fumanwe ke ba neng ba sa mpatle, ke itshenoletse ba neng ba sa botse letho ka nna.”


Ka ho se tsebe kamoo Modimo a lokafatsang batho kateng, mme ka ho batla ho thea ho loka hoo e leng ha bona, ha ba a ka ba ikokobetsa tlasa ho loka ho tswang ho Modimo,


Molao o ile wa eba teng hore tshito e tle e ate, empa moo sebe se atileng teng, mohau o ba mongata ka ho fetisisa.


Pelepele, ho eso be le Molao, ke ne ke ikutlwa ke phela, empa ha taelo e se e le teng, sebe sa qala ho phela,


Ka baka leo, baratuwa, le lona le mamele jwaloka kamehla. Etsang jwalo, e seng feela ha ke le teng, empa haholoholo kajeno ha ke le siyo. Sebeletsang pholoho ya lona ka tshabo le ka thothomelo,


Empa Modimo o re neile mohau o moholo ka ho fetisa. Ke ka hona ho thweng: “Modimo o lwantsha ba ikgohomosang, athe baikokobetsi o a ba hauhela.”


Ebe o bitsetsa Jese sehlabelong sena, mme ke tla o tsebisa seo o tla se etsa. O tla ntlotsetsa eo ke tla o bolella yena.”


Ha Saule a bona mabotho a Bafilesita a tshoha, mme matshwafo a hae a uba habohloko.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ