Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Diketso 9:42 - BIBELE

42 Taba ena ya tsejwa hohle Jopo, mme ba bangata ba dumela ho Morena.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

42 Hoo ha tsejwa ke ba motse wa Jopo kaofela, mme ha dumelwa ho Morena ke ba bangata.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

42 Taba eo ya tsebahala ho pholletsa le Jopa kaofela; mme ba bangata ba dumela ho Morena.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

42 Taba eo ya tsebahala ho pholletsa le Jopa kaofela; mme ba bangata ba dumela ho Morena.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Diketso 9:42
17 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Rona re tla rema difate tsohle tseo o di hlokang, mona Lebanone, re di tlamahanye, re di akgele lewatleng, di sike le lebopo di phaphametse, ho ya fihla Jopo. Jwale wena o tla di nka, o di ise Jerusalema.”


Empa Jonase a tsamaya, a balehela Tarashishe hore a be hole le Morena. A theohela Jopo, moo a fumaneng sekepe se lebang Tarashishe. Hoba a lefelle leeto, a kena ka sekepeng, hore a tle a ye Tarashishe mmoho le basesisi ba sona, hole le Morena.


Yare ha Jesu a utlwa, a re: “Ho kula hona ha ho ise lefung, empa ho isa tlotlisong ya Modimo, hore Mora wa Modimo a tlotliswe ka hona.”


Jwale ba bangata ba Bajuda ba neng ba tlile ho Maria, mme ba bona seo Jesu a se entseng, ba dumela ho yena,


hobane ka baka la hae, Bajuda ba bangata ba ne ba ba kwenehela, ba dumela ho Jesu.


Jwale Jesu a phahamisa lentswe, a re: “Ya dumelang ho nna ha a dumele ho nna, empa o dumela ho ya nthomileng,


Jwale romela banna Jopo, o bitse Simone ya bitswang Petrose;


a ba hlalosetsa tsohle tse etsahetseng, a nto ba roma Jopo.


A re tsebisa kamoo a ileng a bona lengeloi le eme ka tlung ya hae kateng, le re: ‘Romela Jopo, o bitse Simone ya bitswang Petrose.


Letsoho la Morena le ne le ena le bona, mme palo e kgolo ya ba dumelang ya sokolohela ho Morena.


“Ke ne ke rapela ke le motseng wa Jopo, mme ka bona pono. Ha theoha ntho e nngwe e kang lesela le leholo le tswang lehodimong, le lepeletswang, le tshwerwe ka diqola tse nne, mme ya tla ho nna.


Baahi bohle ba Lida le Sarone ba mmona, mme ba sokolohela ho Morena.


Motseng wa Jopo ho ne ho ena le morutuwa ya bitswang Tabitha, e leng ho re Dorokase. Mosadi enwa o ne a etsa mesebetsi e mengata, e molemo, a etsetsa le mafutsana dithuso tse ngata.


Kaha Lida e le haufi le Jopo, barutuwa ha ba utlwa hore Petrose o Lida, ba roma banna ba babedi ho yena, ba mo rapela, ba re: “O se ke wa dieha ho tla ho rona.”


Petrose a hlola Jopo matsatsi a mangata, ha motho e mong ya bitswang Simone, sesuhi sa matlalo.


le Me-Jarekone, le Rakone, le naha e tobaneng le Jafo.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ