Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Diketso 9:35 - BIBELE

35 Baahi bohle ba Lida le Sarone ba mmona, mme ba sokolohela ho Morena.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

35 Bohle ba ahileng Lida le Sarone ba mmona, ba ba ba sokolohela ho Morena.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

35 Bohle ba ahileng Lyda le Sarone ba mmona, mme ba sokolohela ho Morena.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

35 Bohle ba ahileng Lyda le Sarone ba mmona, mme ba sokolohela ho Morena.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Diketso 9:35
32 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Shiterai wa Mosharone o ne a hlokomela dikgomo tse neng di le metebong e Sharone; Shafate, mora wa Adelai, o ne a hlokomela dikgomo tse neng di le ka dikgohlong.


Ba morabe wa Gade ba ne ba ahile Gileade e Bashane, le metsaneng ya yona, le makgulong wohle a naha ya Sharone, ho ya fihla moo e fellang teng.


Bara ba Elepaale e ne e le Ebere, le Mishame, le Shemede. Ke Shemede ya ileng a haha motse wa Ono le Lode, le metsana ya yona.


ba tswang Lode, le Hadide, le Ono e le makgolo a supileng le mashome a mabedi a metso e mehlano;


le Lode, le Ono, e leng kgohlong ya ditsebi tsa mesebetsi ya matsoho.


ba tswang Lode, le Hadide, le Ono e le makgolo a supileng le mashome a mabedi a motso o mong;


Setjhaba sa hao se tla ithaopa, mohla o futuhelang dira tsa hao. Jwaloka phoka e lalang kameso, bahlankana ba tla tla ho wena maralleng a halalelang.


Ba eisehang ba tla ja, ba kgore, ba batlang Morena ba tla mo rorisa; pelo tsa bona di ke di thabe kamehla.


Lona Baiseraele, kgutlelang ho eo le mo furaletseng haholo.


Naha e omeletse, e ponne, Lebanone e swabile, e a pona, Sharone e fetohile lehwatata, Bashane le Karamele di hlohloreha mahaba.


Hwatata le tla thunya haholo, le bine ka thabo, le fumane tlotla e kang ya Lebanone, botle e ke ba Karamele le ba Sharone; batho ba tla bona tlotla ya Morena, ba bone le botle ba Modimo wa rona.


Metebo ya dikgutshwane e tla hlongwa Sharone, kgohlong ya Akore makgomo a bothe teng, e le mehlape ya tjhaba sa ka, tjhaba se mpatlang.


Ya kila utlwa ntho e tjee ke mang? Ya kila bona ntho tse tjee ke mang? Na fatshe le ka boptjwa ka tsatsi le le leng, kapa sona setjhaba sa tswalwa ka motsotswana? Eitse ha Sione e utlwa mahlaba a pelehi, yaba e beleha bana ba yona hanghang.


A re hlahlobeng tsela tsa rona, re di lekole, ebe re boela re kgutlela ho Morena.


Wena, kgutlela ho Modimo wa hao, o be le lerato, o be le toka, o tshepe Modimo wa hao, o mo tshepe kamehla yohle.


Itokisetseng tseo le tla di bua, le kgutlele ho Morena, le re ho yena: “Ako re tshwarele bokgopo bohle ba rona, mme thapedi ya rona o e amohele. Bakeng sa ho nyehela ka mahlabelo a dipohwana, re tla o boka ka melomo ya rona.


Pelo tsa lona di ke di swabe, ho ena le ho hahola diaparo tsa lona. Kgutlelang ho Morena, Morena Modimo wa lona, hobane o mosa, o mohau, o dieha ho halefa, o tletse lerato, o hauhela ba etsang bokgopo.


Letsoho la Morena le ne le ena le bona, mme palo e kgolo ya ba dumelang ya sokolohela ho Morena.


“Ka baka leo, nna ke hopola hore eka kgona ho se ke ha kgathatswa ba sokolohelang ho Modimo ba etswa ho baditjhaba.


Hona ha etsahala ka lemo tse pedi, hoo bohle ba ahileng Asia, Bajuda le Bagerike, ba ileng ba utlwa lentswe la Morena.


Ka mokgwa oo lentswe la Morena la ata, mme la matlafala.


Ba rorisa Modimo, ba ratwa ke batho bohle, mme ka letsatsi le letsatsi Morena a eketsa phutheho ka ba pholoswang.


Empa ba bangata ba utlwileng lentswe la Modimo ba dumela, mme palo ya batho bao e ne e ka ba dikete tse hlano.


Lentswe la Modimo la anafala, le palo ya barutuwa ya ngatafala haholo Jerusalema, le sehlophahadi sa baprista sa amohela tumelo.


Petrose a re ho yena: “Enea, Jesu Kreste o a o fodisa; tsoha o alole diphate tsa hao.” A tsoha hanghang.


Taba ena ya tsejwa hohle Jopo, mme ba bangata ba dumela ho Morena.


athe kamehla ha motho a sokolohela ho Morena, lesira leo le a tloswa.


Matsatsing a qetello, ha le le matshwenyehong, mme dintho tsena di etsahala ho lona, le tla kgutlela ho Morena Modimo wa lona, mme le mamele lentswe la hae.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ