Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Diketso 9:33 - BIBELE

33 Teng a fumana monna e mong ya bitswang Enea, ya neng a qetile dilemo tse robedi a robetse diphateng, a shwele ditho.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

33 A fihlela monna teng, ya bitswang Enea, a sekame diphateng e se e le dilemo tse robileng meno e le mmedi; o ne a omeletse ditho.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

33 A fumana teng monna e mong ya bitswang Enease, ya neng a qetile dilemo tse robedi a ntse a robetse diphateng, a shwele ditho.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

33 A fumana teng monna e mong ya bitswang Enease, ya neng a qetile dilemo tse robedi a ntse a robetse diphateng, a shwele ditho.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Diketso 9:33
13 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Setumo sa hae sa utlwahala Siria yohle, mme ha tliswa ho yena bohle ba jewang ke mafu a mefutafuta, ba imetsweng ke mahloko, ba nang le bademona, ba shwang sethwathwa, le diritsa, mme a ba fodisa.


Ho ne ho ena le mosadi ya qetileng dilemo tse leshome le metso e mmedi lehatlelo la hae le sa kgaotse,


Jesu a botsa ntata ngwana: “E se e le nako e kae a hlahetswe ke hoo?” A re: “Ho tloha bongwaneng ba hae;


Mosadi enwa, e leng moradi wa Aborahama, eo Satane a mo tlamileng ka dilemo tse leshome le metso e robedi, na o ne a sa lokele ho lokollwa ditlamong tseo ka letsatsi la Sabatha na?”


Monna e mong o ne a le teng ya kutseng dilemo tse mashome a mararo a metso e robedi.


Ha Jesu a feta, a bona monna ya tswetsweng e le sefofu.


empa ha re tsebe hore na o bona jwang jwale, le hore na ya mo tutubolotseng mahlo ke mang, ha re tsebe; mmotseng, o se a le moholo, o tla ipuella.”


Moo Lesitera ho ne ho ena le monna e mong, ya holofetseng maoto, e le seritsa sa tswalo, se dulang feela, se eso ka se tsamaya.


Monna e mong ya tswetsweng e le seritsa, o ne a ye a nkwe ka matsatsi wohle, a bewe kgorong ya Tempele e bitswang Kgoro e Ntle, hore a kope dithuso ho ba kenang ka Tempeleng.


Dilemo tsa monna eo mohlolo ona wa phodiso o neng o entswe ho yena, di ne di feta mashome a mane.


Petrose o ne a tsamaya hohle, mme ka mohlomong a theoha ho ya bona le badumedi ba ahileng Lida.


Petrose a re ho yena: “Enea, Jesu Kreste o a o fodisa; tsoha o alole diphate tsa hao.” A tsoha hanghang.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ