Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Diketso 9:21 - BIBELE

21 Bohle ba mo utlwang ba makala, ba re: “Na eo hase yena ya ileng a fedisa bohle ba rapelang Jesu, Jerusalema, ya bileng a tlileng moo ka hona hoo, hore a ba tlame, a ba ise ho baprista ba baholo na?”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

21 Ba mo utlwang kaofela ba ne ba makala, ba re: Na eo hase yena ya neng a hlorisa hampe ba rapelang lebitso leo Jerusalema, a bile a tlile le mona ho ba tlama le ho ba isa ho baprista ba baholo na?

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

21 Empa bohle ba mo utlwang ba makala, ba re; Na hase yena ya neng a timetsa ba rapelang lebitso lena Jerusalema, mme a tlile le mona ka morero oo, hore a tle a ba ise ba tlamilwe ho baprista ba baholo na?

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

21 Empa bohle ba mo utlwang ba makala, ba re; Na hase yena ya neng a timetsa ba rapelang lebitso lena Jerusalema, mme a tlile le mona ka morero oo, hore a tle a ba ise ba tlamilwe ho baprista ba baholo na?

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Diketso 9:21
20 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

O se ke wa ntelekela hole le wena, wa nkamoha Moya wa hao, Moya o Halalelang.


Ke jwaloka mohlolo ho ba bangata, empa wena o setshabelo sa ka sa nnete.


Ke nna enwa le bana bao Morena a nneileng bona. Naheng ya Iseraele re dipontsho le ditshupo tse tswang ho Morena wa mabotho, ya ahileng Thabeng ya Sione.


“ ‘Oho, wena Joshua, Moprista e Moholo, wena le balekane ba hao ba dutseng kapele ho wena; lona bohle ba dupang tse molemo, mamelang mona: Ke tla romela mohlanka wa ka, e leng Lekala!


Ha ho boloi ho Jakobo, ha ho bonohe ho Iseraele. Ka nako ya teng ho tla thwe ho Jakobo le ho Iseraele: ‘Modimo o sebeditse hakaakang!’


Bohle ba hlollwa, ba tsieleha, mme ba botsana, ba re: “Hoo ho bolelang?”


Ha modumo ona o utlwahala, batho ba bangata ba phutheha, mme ba ferekana, hobane e mong le e mong o ne a utlwa ba bua ka puo ya habo.


Ba tseba hore ke yena ya neng a dula kgorong ya Tempele, e bitswang Kgoro e Ntle, a kopa dithuso; ba makala haholo, mme ba hlollwa ke se etsahetseng ho yena.


Yare ha ba bona sebete sa Petrose le Johanne, ba lemoha le hore ha ba a ruteha, ke batho feela, ba makala. Ba ba ba tseba hore ke ba bileng le Jesu.


Ba tlepetsa Setefane ka majwe, a ntse a rapela, a re: “Morena Jesu, amohela moya wa ka!”


Empa Saule yena a ripitla kereke, a kena ka tlung e nngwe le e nngwe, a hulanya banna le basadi, a ba hlahlela tjhankaneng.


Empa Saule yena a eketsa ho ipha matla le ho ferekanya Bajuda ba ahileng Damaseka, ka ho ba bontsha hore Jesu ke yena Mesia.


ka Letsatsi leo a tla tla ka lona ho tlotliswa ke bahalaledi ba hae, le ho babatswa ke bohle ba dumetseng. Le lona le tla ba hara bona hobane le dumetse bopaki ba rona.


Bonang, Ntate o re ratile hakaakang, hore re be re bitswe bana ba Modimo, mme re fela re le bona. Ke ka lebaka lena lefatshe le sa re tsebeng, hobane ha le a ka la tseba Modimo.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ