Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Diketso 9:2 - BIBELE

2 A kopa mangolo a yang Damaseka, matlung a thapelo, e le hore ha a ka fumana bao e leng ba Tsela ena ya Bokreste, leha e le banna kapa basadi, a ba tlame, a ba tlise Jerusalema.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

2 a kopa mangolo ho yena a ngollwang masinagoge a Damaseka, hore etlere ha a ka fumana ba bang ba thuto eo, leha e le banna, kapa basadi, a ba tlame, a ba tlise Jerusalema.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

2 A kopa ho yena mangolo a yang ho masinagoge a Damaseka, hore ekare ha a ka fumana ba bang ba Tsela ena, e ka ba banna le basadi, a ba tlise ba tlamilwe Jerusalema.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

2 A kopa ho yena mangolo a yang ho masinagoge a Damaseka, hore ekare ha a ka fumana ba bang ba Tsela ena, e ka ba banna le basadi, a ba tlise ba tlamilwe Jerusalema.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Diketso 9:2
23 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Aborame a arola mabotho a hae dihlopha, a ena le bahlanka ba hae, ba ba hlasela bosiu, ba ba lelekisa ho ya fihla Hoba e ka leboya ho Damaseka.


Bona ke boporofeta malebana le Damaseka: “Damaseka ha e sa tla hlola e eba motse, Damaseka e tla ba qubu ya masupi feela.


Malebana le Damaseka Morena o re: “Baahi ba Hamate le ba Arepade ba tsielehile, hobane ba utlwile taba tse bohloko. Pelo tsa bona di nyahame haholo, di tshwenyehile sa lewatle le tsudubutlana.


Hlokomelang batho, hobane ba tla neelana ka lona makgotleng, ba le shape matlung a bona a thapelo.


Jesu a re ho yena: “Ke nna tsela, le nnete, le bophelo; ha ho ya ka tlang ho Ntate haese ka nna.


O ne a rutilwe Tsela ya Morena. A bua ka ho tjheseha moyeng, a ruta ditaba tse amanang le Jesu ka hloko, le hoja a ne a tseba kolobetso ya Johanne feela.


Ka nako eo ha tsoha moferefere o moholo Efese ka baka la Tsela ya Morena.


Empa ha ba bang ba ithatafatsa dipelo, ba hana ho dumela, mme ba bua hampe ka Tsela ya Morena kapele ho badumedi bohle, a tloha ho bona a tsamaya le barutuwa ba hae. A buisana le batho ka tsatsi le leng le le leng sekolong sa Tiranose.


Ke ipolela ho wena hore Tsela ena eo ba reng ke ya mokga osele, ke eo ke rapelang Modimo ka yona. Empa ke ntse ke dumela tsohle tse dumellanang le Molao le tse ngotsweng dibukeng tsa Baporofeta.


Jwale Felekise ka ho tsebisisa tse ngata tsa Tsela ena a thisisa nyewe, a re: “Ke tla etsa qeto tabeng ya lona ha molaodi wa ba sekete, Losiase, a se a fihlile.”


Ka fela ka di etsa Jerusalema. Ka matla ao ke a neilweng ke baprista ba baholo, ka kwalla ba bangata ba badumedi ditjhankaneng. Leha ba ne ba bolawa, ke ne ke ananela.


“Yaba ke ya Damaseka ke neilwe matla le thomo ke baprista ba baholo.


Jwale ha hlaha ba bang ba ntlo ya thapelo e bitswang ya Balokollwa, e leng ba Sirene, le ba Alekesanderia, le ba tswang Silesia le Asia, ba phehisana kgang le Setefane.


Eo ya sebetsa leloko la rona ka mano, ya sotla bo-ntata rona, ya ba lahlisa masea a bona, hore a tle a se ke a phela.


mme le mona o filwe matla ke baprista ba baholo, ho tlama bohle ba o rapelang.”


Bohle ba mo utlwang ba makala, ba re: “Na eo hase yena ya ileng a fedisa bohle ba rapelang Jesu, Jerusalema, ya bileng a tlileng moo ka hona hoo, hore a ba tlame, a ba ise ho baprista ba baholo na?”


Ha ke ne ke le Damaseka, mmusisi, leqosa la kgosi Aretase, o ne a beile balebedi motseng ho ntshwara,


Le teng, ha ke a ka ka nyolohela Jerusalema ho bao e bileng baapostola pele ho nna, empa ke ile ka ikela Arabia, ka nto kgutlela Damaseka hape.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ