Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Diketso 9:17 - BIBELE

17 Ananiase a ya, a kena ka tlung eo, a mmea matsoho, a re: “Saule ngwaneso, Morena, e leng Jesu ya ileng a iponahatsa ho wena tseleng eo o neng o etla ka yona, o nthomile hore o tle o boele o bone, o be o tlale Moya o Halalelang.”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

17 Yaba Ananiase o ya, a kena ka tlung, a mmea matsoho, a re: Saule, ngwaneso, Morena o nthomile, yena Jesu ya ipontshitseng ho wena tseleng eo o tlileng ka yona, hore o boele o bone, le hore o tlale Moya o Halalelang.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

17 Ananiase a ikela, a kena tlung; mme a bea matsoho a hae hodima hae, a re: “Saule, Moena, Morena, Jesu, ya iponahaditseng ho wena tseleng eo o tlileng ka yona, o nthomile, hore o tle o boele o bone, mme o tlale Moya o Halalelang.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

17 Ananiase a ikela, a kena tlung; mme a bea matsoho a hae hodima hae, a re: “Saule, Moena, Morena, Jesu, ya iponahaditseng ho wena tseleng eo o tlileng ka yona, o nthomile, hore o tle o boele o bone, mme o tlale Moya o Halalelang.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Diketso 9:17
36 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Kahoo Josefa a re ho bana babo: “Atamelang ho nna hle!” Yaba ba a atamela, mme a re ho bona: “Ke nna Josefa, ngwanabo lona, eo le neng le mo rekise Egepeta.


Yaba bana ba tliswa ho Jesu hore a ba bee matsoho, a ba rapelle, empa barutuwa ba kgalemela ba ba tlisang.


a mo rapela haholo, a re: “Moradi wa ka o lekgatheng la ho shwa; ako tle, o mmee matsoho, hore a tle a fole, mme a phele.”


A sitwa ho etsa ketso e matla leha e le nngwe moo, haese ho bea bakudi ba seng bakae matsoho, a ba fodisa.


Eitse ha Elisabetha a utlwa tumediso ya Maria, lesea la tlola ka popelong ya Elisabetha, mme a tlala Moya o Halalelang.


Ntatae Sakariya a tlala Moya o Halalelang, a porofeta, a re:


Wena, ngwana o tla bitswa moporofeta wa Ya Hodimodimo, hobane o tla etella Morena pele ho lokisa ditsela tsa hae,


empa ere ha ho fihla enwa mora wa hao, ya jeleng leruo la hao le diotswa, o mo hlabela namane e nontshitsweng!’


Ho a lokela hore re keteke, re thabe, kahobane ngwana enwa weno o ne a shwele, empa o boetse o a phela; o ne a lahlehile, jwale o fumanwe.’ ”


Kajeno, motseng wa Davida, le tswaletswe Mopholosi, e leng Kreste Morena.


O ile a romela lentswe la hae ho bana ba Iseraele ka ho bolela molaetsa o molemo wa kgotso ka Jesu Kreste, eo e leng Morena wa bohle.


Yare hoba ba itime dijo, mme ba rapele, ba ba bea matsoho, ba re ba tsamaye.


Ha e le barutuwa bona ba tlala thabo le Moya o Halalelang.


Ha Paulosi a ba bea matsoho, Moya o Halalelang wa theohela hodima bona, ba bua dipuopuo, mme ba porofeta.


Bohle ba tlala Moya o Halalelang, mme ba qala ho bua ka dipuo disele, kamoo Moya o neng o ba buisa kateng.


Ha ba utlwa tsena, ba tlotlisa Modimo, ba re ho Paulosi: “O a bona, ngwaneso, hore ho na le diketekete tsa Bajuda ba dumetseng, mme bohle ba tjhesehela Molao.


“Yaba ke re: ‘O mang, Morena?’ “Morena a re: ‘Ke nna Jesu, eo o mo hlorisang.’


Ha ba qetile ho rapela, sebaka seo ba neng ba kopanetse ho sona sa reketla, mme bohle ba tlala Moya o Halalelang, ba bolela lentswe la Modimo ka sebete.


Ba ba hlahisa kapele ho baapostola, mme ha ba se ba rapetse, ba ba bea matsoho.


Yaba Petrose le Johanne ba ba bea matsoho, mme ba amohela Moya o Halalelang.


Hanghang mahlong a hae ha wa ho kang makgekgebu, mme a boela a bona. A ema, a kolobetswa.


Ka baka leo, amohelanang, jwalokaha Kreste le yena a le amohetse tlotlisong ya Modimo.


Motho wa pele o tswa mobung, ke wa lefatshe; motho wa bobedi yena o tswa lehodimong.


Qetellong, kamorao ho bohle, a iponahatsa ho nna, ya jwaloka sefolotsana.


Na ha ke motho ya lokolohileng? Na ha ke moapostola? Ana ha ke a ka ka bona Jesu, Morena wa rona? Na lona ha le tholwana ya mosebetsi wa ka ho Morena?


O se ke wa lebala ho sebedisa neo ya moya, eo o e filweng ka boporofeta, mohla lekgotlana la baholo le neng le o bea matsoho.


O se ke wa potlakela ho bea mang kapa mang matsoho; o se ke wa ba le kabelo dibeng tsa ba bang, mme o ipoloke o hlwekile.


Ka hona ke o hopotsa hore o tsosolose neo ya Modimo, eo o e amohetseng ka hore ke o bee matsoho.


Empa jwale ha e sa le lekgoba, o se a feta lekgoba ka bohlokwa; ke ngwanabo rona ya ratehang, haholoholo ho nna. Jwale o tla rateha hakaakang ho wena e le motho, e le modumedi!


ho rutwa tsa dikolobetso, peo ya matsoho, tsoho ya bafu le kahlolo e sa feleng.


Tadimang mamello ya Morena wa rona e le pholoho ya lona, kamoo le yena Paulosi, ngwanabo rona ya ratehang, a le ngoletseng kateng, ka bohlale boo a bo neilweng.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ