Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Diketso 9:10 - BIBELE

10 Ho ne ho ena le morutuwa e mong Damaseka, ya bitswang Ananiase; Morena a mmolella ka pono, a re: “Ananiase!” Yena a re: “Ke nna enwa, Morena!”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

10 Morutuwa e mong, ya bitswang Ananiase, o ne a le teng Damaseka: Morena a mmolella ka pono ya mohlolo, a re: Ananiase! Yena a re: Ke nna enwa, Morena!

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

10 Damaseka ho ne ho le morutuwa ya bitswang Ananiase; mme Morena a re ho yena ponong: Ananiase! A re: Bona, ke mona, Morena.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

10 Damaseka ho ne ho le morutuwa ya bitswang Ananiase; mme Morena a re ho yena ponong: Ananiase! A re: Bona, ke mona, Morena.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Diketso 9:10
23 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Aborame a arola mabotho a hae dihlopha, a ena le bahlanka ba hae, ba ba hlasela bosiu, ba ba lelekisa ho ya fihla Hoba e ka leboya ho Damaseka.


Hoba tsena di fete, Modimo a leka Aborahama, a re ho yena: “Aborahama!” Yena a re: “Ke nna enwa.”


“Lengeloi la Morena la re ho nna torong: ‘Jakobo!’ “Ka re: ‘Ke nna enwa!’


Empa haeba Morena a ka re: ‘Ha o nkgahle,’ bona, ke nna enwa, a nketse seo a bonang se lokile.”


Morena a bona hore Moshe o a kgelohela, ho ya bona, mme Modimo a mmitsa a le kahara sehlahla sa monokotshwai, a re: “Moshe! Moshe!” Yaba Moshe o re: “Ke nna enwa!”


Yaba ke utlwa lentswe la Morena le re: “Ke tla roma mang? Ke mang ya tla ya bakeng sa rona?” Yaba ke re: “Ke nna enwa! Nthome!”


Hona bosiung boo Daniele a senolelwa sephiri sena ka pono. Yaba Daniele o rorisa Modimo ya lehodimong.


Morena a re ho bona: “Jwale utlwang mantswe a ka: Haeba ho na le moporofeta hara lona, nna, Morena, ke tla itsebisa yena ka pono, ke tla bua le yena ka toro.


Ha e batla e eba hora ya boraro motsheare wa mantsiboya, a bona ponong, ka mokgwa o hlakileng, lengeloi la Modimo le kena ka ho yena, le re: “Kornele!”


“Ke ne ke rapela ke le motseng wa Jopo, mme ka bona pono. Ha theoha ntho e nngwe e kang lesela le leholo le tswang lehodimong, le lepeletswang, le tshwerwe ka diqola tse nne, mme ya tla ho nna.


A tswa, a le latela, a sa tsebe hore se etswang ke lengeloi ke nnete: A mpa a lekanya hore o bona pono.


Yare hoba a bone pono eo, hanghang ra batla ho ya Masedonia, re kgodisehile hore Modimo o re bitseditse ho ya bolela molaetsa o molemo teng.


Paulosi a hlahelwa ke pono bosiu. A bona monna e mong wa Masedonia a eme pela hae, a mo rapela, a re: “Ako tshelele Masedonia, o re thuse!”


Jwale Morena a bua le Paulosi ka pono, bosiu, a re: “O se ke wa tshaba, empa o nne o bue, o se ke wa kgutsa.


“ ‘Ha matsatsi a bofelo a fihla, ho rialo Modimo, ke tla theolela Moya wa ka hodima batho bohle; bara le baradi ba lona ba tla porofeta, bahlankana ba lona ba tla bona dipono, le bannabaholo ba lona ba tla lora ditoro.


“Jwale monna e mong ya bitswang Ananiase, ya hlomphang Modimo ho ya ka Molao, ya pakwang ke Bajuda bohle ba ahileng moo,


mme ponong o bone monna ya bitswang Ananiase a kena, a mmea matsoho hore a tle a boele a bone.”


A qeta matsatsi a mararo a sa bone, a sa je, a sa nwe.


Ha ke ne ke le Damaseka, mmusisi, leqosa la kgosi Aretase, o ne a beile balebedi motseng ho ntshwara,


Le teng, ha ke a ka ka nyolohela Jerusalema ho bao e bileng baapostola pele ho nna, empa ke ile ka ikela Arabia, ka nto kgutlela Damaseka hape.


Morena a bitsa Samuele, mme Samuele a re: “Ke nna enwa!”


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ