Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Diketso 8:7 - BIBELE

7 Ba bangata ba ne ba ena le meya e ditshila; ya tswa ho bona e bokolla haholo. Le ba bangata ba ba shweleng ditho le ba diritsa ba fodiswa.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

7 Hobane meya e ditshila e ne e tloha ho ba bangata ba kenweng ke yona, e howa ka lentswe le leholo; le ba bangata ba neng ba omeletse ditho le diritsa ba fodiswa.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

7 Hobane meya e ditshila, e ne e tswa ho ba bangata ba kenweng ke yona, e ntse e howa ka lentswe le leholo;

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

7 Hobane meya e ditshila, e ne e tswa ho ba bangata ba kenweng ke yona, e ntse e howa ka lentswe le leholo;

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Diketso 8:7
16 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

sehlotsa se tla tlola se tlole jwaloka kgama, leleme la semumu le bine ka thabo. Metsi a tla phorosela hara lefeella, melatswana e phalle hara lehwatata.


Hoba Jesu a bitse barutuwa ba hae ba leshome le metso e mmedi, a ba nea matla a ho leleka meya e ditshila, le a ho fodisa mafu le malwetse wohle.


Difofu di a bona, diritsa di a tsamaya, balepera ba a hlwekiswa, botsebetutu ba a utlwa, bafu ba a tsoha, mme mafutsana a bolellwa molaetsa o molemo.


Setumo sa hae sa utlwahala Siria yohle, mme ha tliswa ho yena bohle ba jewang ke mafu a mefutafuta, ba imetsweng ke mahloko, ba nang le bademona, ba shwang sethwathwa, le diritsa, mme a ba fodisa.


Wa bokolla, wa mo tsukutla habohloko, mme wa tswa; ngwana a ba jwaloka setopo, hoo ba bangata ba ileng ba re o shwele.


Jwale ba mashome a supileng a metso e mmedi ba kgutla ka thabo, ba re: “Morena, esita le bademona ba ikokobeletsa rona ka baka la lebitso la hao!”


Kannetenete, ke a le bolella, ya dumelang ho nna, le yena o tla etsa mesebetsi eo ke e etsang, a etse le e fetang ena, hobane ke ya ho Ntate.


Le bongata bo tswang metseng e kathoko ho Jerusalema ba kgobokana, ba tlisa bakudi le ba tshwenngwang ke meya e ditshila, mme bohle ba fodiswa.


Ka moya o le mong matshwele a ela hloko tse neng di bolelwa ke Filipi; a mo mamela, mme a bona mehlolo eo a e etsang.


Modimo le yena o ho pakile ka mehlolo, le dimakatso, le diketso tse matla tsa mefutafuta, le ka dineo tsa Moya o Halalelang, tseo a di abang ka ho ya ka thato ya hae.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ