Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Diketso 8:40 - BIBELE

40 Empa Filipi a iphumana a se a le Ashedode, a ntse a bolela molaetsa o molemo metseng yohle eo a fetang ho yona, ho fihlela a kena Sesaria.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

40 Haele Filipi, a tshoha a se a le Asote, mme ha a ntse a tsamaya, a bolela Evangeli metseng yohle, a ba a fihla Sesarea.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

40 Empa Filipi a fumanwa Azote, mme a ntse a tsamaya a ntse a bolela Evangeli metseng yohle, ho fihlela a fihla Cesarea.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

40 Empa Filipi a fumanwa Azote, mme a ntse a tsamaya a ntse a bolela Evangeli metseng yohle, ho fihlela a fihla Cesarea.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Diketso 8:40
21 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ashedode e tla ba leaho, aho la dikgaupane, boikakaso ba Bafiletsita ke bo fedise.


Monna e mong o ne a le teng Sesaria, ya bitswang Kornele, e le molaodi wa ba lekgolo lebothong le bitswang la Italia.


Ka le hlahlamang a kena Sesaria. Kornele o ne a ba lebeletse, a bitsitse bang ka yena le metswalle ya hae ya hlooho ya kgomo.


“Bonang, hanghang ha fihla banna ba bararo tlung eo ke neng ke le ka ho yona, ba romilweng ho nna, ba etswa Sesaria.


Ha Heroda a mmatla, mme a sa mo fumane, a botsisisa balebedi, a nto laela hore ba bolawe. Yaba Heroda o theoha Judea, o ya Sesaria, mme a dula teng.


Ha a fihla Sesaria, a nyolohela Jerusalema ho ya dumedisa kereke, a nto theohela Antiokia.


Ba bang ba barutuwa ba Sesaria ba ya le rona; ba re isa ha e mong ya bitswang Menasone wa Sipera, morutuwa wa kgale, eo re neng re ilo hlola le yena.


Ka la hosasane ra tloha, mme ra fihla Sesaria. Ra kena ha mmoledi Filipi, e mong wa ba supileng ba neng ba kgethwe Jerusalema, ra hlola le yena.


Jwale molaodi wa sekete a bitsa balaodi ba babedi ba mabotho a ba lekgolo, a re: “Ka hora ya borobong, bosiu, le hlophe bahlabani ba makgolo a mabedi, le bapalami ba dipere ba mashome a supileng, le ba hlometseng ka marumo ba makgolo a mabedi, ba tsamaye ho ya fihla Sesaria.


Ha ba fihla Sesaria ba neelana ka lengolo la mmusisi, mme ba siya Paulosi matleng a hae.


Yare hoba Fesetose a fihle naheng eo, ha feta matsatsi a mararo, yaba o tloha Sesaria o nyolohela Jerusalema.


Ha ho fetile matsatsi a seng makae, kgosi Ageripa le Berenike ba fihla Sesaria, ba ya boka dikgomo ho Fesetose.


Empa Fesetose a araba ka ho re Paulosi o tla bolokwa Sesaria, mme le yena o rerile ho etela teng haufinyane.


Yare hoba a hlole le bona matsatsi a ka bang robedi, kapa a leshome, a theohela Sesaria. Ka le hlahlamang a dula setulong sa boahlodi, a laela hore Paulosi a tliswe.


Hoba ba pake, mme ba bolele lentswe la Morena, ba kgutlela Jerusalema, ba ntse ba phatlalatsa molaetsa o molemo metseng e mengata ya Basamaria.


Ha badumedi ba tsebile, ba mo theolela Sesaria, ba mo romela Tarasuse.


Tsena di tlile ka matla a mehlolo le a dimakatso, ka matla a Moya wa Modimo. Ka tsela eo ke phatlaladitse molaetsa o molemo wa Kreste ka botlalo, ho tloha Jerusalema, ke potoloha, ke ya fihla Ilorikone.


Ha ho le ya mong wa Baanake ya ileng a sala naheng ya bana ba Iseraele, haese Gasa, le Gate, le Ashedode feela, moo methwaela e ileng ya sala.


Ha Bafilesita ba se ba hapile areka ya Modimo, ba e tlosa Ebenesere ba e isa Ashedode.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ