Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Diketso 8:39 - BIBELE

39 Hoba ba nyolohe metsing Moya wa Morena wa nka Filipi, mme lehaole ha le a ka la hlola le mmona; la tswela pele leetong la lona le nyakaletse.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

39 Eitse ha ba tloha metsing, Moya wa Morena wa tlosa Filipi, mme letona ha le a ka la hlola le sa mmona; la mpa la tswela pele tseleng ya lona le thabile.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

39 Yare ha ba nyolohile metsing, Moya wa Morena wa tlosa Filipi, mme leqhalaha ha le a ka la hlola le mmona, mme la tswela pele tseleng ya lona le thabile.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

39 Yare ha ba nyolohile metsing, Moya wa Morena wa tlosa Filipi, mme leqhalaha ha le a ka la hlola le mmona, mme la tswela pele tseleng ya lona le thabile.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Diketso 8:39
29 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Etlare hanghang ha ke kgaohana le wena, moya wa Morena o o nkele moo ke sa tsebeng, mme ha ke fihla ke bolella Akabe hore o teng, feela a sa o fumane, ebe o a mpolaya, le hoja nna, mohlanka wa hao, ke hlomphile Morena ho tloha botjheng ba ka.


Ba re ho yena: “Bona mona, rona bahlanka ba hao re na le banna ba mashome a mahlano ba dinatla. Re a o rapela: Ako ba dumelle ba yo batla monga hao. Mohlomong Moya wa Modimo o ile wa mo nkela hodimo, wa ya mo lahlela hodima thaba e nngwe, kapa kahara kgohlo e nngwe.” Empa Elisha a re ho bona: “Le se ke la ba roma!”


Ditemoso tsa hao ke lefa la ka la mehla yohle, ke thabo ya pelo ya ka.


Ke thabela ho latela ditemoso tsa hao, ho feta maruo wohle.


Ke tla thabela Morena ka pelo ya ka yohle, moya wa ka o thabele Modimo wa ka haholo, hobane o nkapesitse kobo ya ho pholoswa, a nkwahela ka seaparo sa ho loka, jwalokaha monyadi a ikgabisa ka moqhaka, a ikgabisa jwaloka moprista a ikgabisa, monyaduwa a tlatlapela mabenyane a hae.


Yaba Moya wa mphahamisa, o mphihlisa monyakong o ka botjhabela wa Tempele ya Morena, o tadimileng botjhabela. Hona moo monyako ho ne ho eme banna ba mashome a mabedi a metso e mehlano; hara bona ka bona Jaasaneya, mora wa Asure, le Pelatiya, mora wa Benaya, e leng baetapele ba setjhaba.


Ka pona e entsweng ke Moya wa Modimo, Moya wa mphahamisa, wa nkisa ho bathopuwa ba naheng ya Bakalatiya. Yaba pono eo ke e boneng e tloha ho nna,


Matla a tswang ho Morena a ntsukutla. Morena a nkuka ka Moya wa hae, a mpea kahara kgohlo e tletseng masapo.


Jwale Moya wa mphahamisa, wa nkisa lebaleng le kahare, mme tlotla ya Morena ya tlala Tempele.


A otlolla ntho e kang letsoho, a ntshwara ka moriri. Moya wa mphahamisetsa pakeng tsa lehodimo le lefatshe, mme ka dipono tsa Modimo Moya oo wa mphihlisa Jerusalema, monyakong wa kgoro e kahare, o tadimileng leboya. Teng ho ne ho ena le setulo sa modingwana o bakang lefufa!


“Mmuso wa mahodimo o tshwana le letlotlo le patilweng tshimong, leo eitseng ha motho a le fumana, a le pata, mme thabong ya hae a ya rekisa tsohle tseo a nang le tsona, a reka tshimo eo.”


Hanghang hoba Jesu a kolobetswe, a tswa metsing, mme bonang, a bulelwa mahodimo, a bona Moya wa Modimo o theoha e ka leeba, o etla hodima hae;


Hanghang ha a etswa metsing a bona mahodimo a buleha, le Moya o theohela hodima hae e ka leeba,


Ha e le barutuwa bona ba tlala thabo le Moya o Halalelang.


A ba isa tlung ha hae, a ba fepa, a nyakalla le ba lelapa la hae bohle, kahobane ba dumetse ho Modimo.


Yaba Moya o Halalelang o re ho Filipi: “Eya, o tsamaye le kariki eno.”


La laela hore kariki e emiswe. Filipi le lehaole ba theohela metsing hammoho, mme Filipi a le kolobetsa.


Ke ka yena re bileng le hona ho amohelwa ka baka la tumelo mohaung ona oo re leng ho wona, mme re motlotlo ka ho ba le tshepo ya ho abelwa tlotla ya Modimo.


Ba lebollo la nnete ke rona, ba rapelang Modimo ka moya, ba ithorisang ka Jesu Kreste. Ha re a tshepa tsa botho.


Kamehla thabang ka ho ba ho Morena; ke boela ke re: Thabang!


jwale le a ikakasa, mme le a ithorisa. Boithoriso bohle bo jwalo bo bobe.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ