Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Diketso 8:37 - BIBELE

37 Filipi a re: “Haeba o dumela ka pelo ya hao yohle, hoo ho ka etswa.” La araba, la re: “Ke a dumela hore Jesu Kreste ke Mora wa Modimo.”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

37 Filipi a re: Ha o dumela ka pelo yohle ya hao, ho ka etswa. La araba, la re: Ke a dumela hore Jesu Kreste ke Mora wa Modimo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

37 Filipi a re: Ha o dumela ka pelo yohle ya hao, ho ka etsahala. A araba, a re: Ke dumela hore Jesu Kreste ke Mora wa Modimo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

37 Filipi a re: Ha o dumela ka pelo yohle ya hao, ho ka etsahala. A araba, a re: Ke dumela hore Jesu Kreste ke Mora wa Modimo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Diketso 8:37
20 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Simone Petrose a araba, a re: “O Kreste, Mora wa Modimo ya phelang.”


Eyang ke hona le ditjhaba tsohle, le di etse barutuwa, le ba kolobetse ka lebitso la Ntate, le la Mora, le la Moya o Halalelang,


Ya tla dumela, a be a kolobetswe, o tla pholoswa; athe ya sa tlo dumela o tla tsuwa.


A re ho yena: “E, Morena; ke a dumela hore o Kreste, Mora wa Modimo, ya tlang lefatsheng.”


Empa tsena di ngotswe hore le tle le dumele hore Jesu ke Kreste, Mora wa Modimo, le hore ka ho dumela le tle le be le bophelo ka lebitso la hae.


Simone Petrose a mo araba, a re: “Morena, re tla ya ho mang? O na le mantswe a bophelo bo sa feleng;


Jesu a utlwa hore ba mo tebetse. Ha a mo fumana, a re ho yena: “Na o dumela ho Mora Motho?”


Petrose a re ho bona: “Bakang, mme e mong le e mong wa lona a kolobetswe ka lebitso la Jesu Kreste, le tle le tshwarelwe dibe tsa lona, mme le tla amohela mpho ya Moya o Halalelang.


Empa ha Filipi a se a ba bolelletse molaetsa o molemo wa tsa Mmuso wa Modimo le tsa lebitso la Jesu Kreste, ba dumela, mme ha kolobetswa banna le basadi.


Ha o na kabelo leha e le seabo tabeng ena, hobane pelo ya hao ha e a loka mahlong a Modimo.


Ha ba ntse ba tsamaya tseleng, ba fihla moo metsi a leng teng, mme lehaole la re: “Metsi ke ana! Nka thibelwa keng hore ke kolobetswe?”


La laela hore kariki e emiswe. Filipi le lehaole ba theohela metsing hammoho, mme Filipi a le kolobetsa.


mme kapelepele a phatlalatsa matlung a thapelo hore Jesu ke Mora wa Modimo.


Motho o dumela ka pelo hore a tle a lokafatswe, mme o bolela tumelo ya hae ka molomo hore a tle a pholoswe,


Ke ka baka leo, ke le tsebisang hore ha ho motho ya nang le Moya o Halalelang ya ka reng: “Jesu o rohakehile;” ebile ha ho motho ya ka reng: “Jesu ke Morena,” ha a se na Moya o Halalelang.


Metsi ana ke setshwantsho sa kolobetso e re pholosang jwale. Kolobetso hase ho hlatsuwa ditshila tsa mmele, empa ke ho itlama ho Modimo ka letswalo le kgutsitseng. E le pholosa ka tsoho ya Jesu Kreste,


Mang le mang ya pakang hore Jesu Kreste ke Mora wa Modimo, Modimo o phela ka ho yena, le yena o phela ka ho Modimo.


Mang le mang ya dumelang hore Jesu ke Kreste o tswetswe ke Modimo, mme mang le mang ya ratang motswadi, o rata le tswala ya hae.


Ya dumelang ho Mora wa Modimo o na le bopaki boo ka ho yena. Ya sa dumeleng ho Modimo, o re Modimo o leshano, kaha a sa dumela bopaki boo Modimo a paketseng Mora wa hae ka bona.


Ke mang ya hlolang lefatshe, haese ya dumelang hore Jesu ke Mora wa Modimo?


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ