Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Diketso 8:35 - BIBELE

35 Jwale Filipi a bua, a qala ka temana ena, a mmolella molaetsa o molemo wa Jesu.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

35 Yaba Filipi o ahlamisa molomo wa hae, a qala ka lengolo leo ho mmolella tsa Jesu.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

35 Filipi a ahlamisa molomo wa hae, a qala ka lengolo leo, a mo bolella Evangeli ya Jesu.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

35 Filipi a ahlamisa molomo wa hae, a qala ka lengolo leo, a mo bolella Evangeli ya Jesu.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Diketso 8:35
20 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

A qala ka Moshe le ka Baporofeta bohle, a ba qaqisetsa tse amanang le yena, tse Mangolong wohle.


Petrose a bua, a re: “Kannete ke a hlokomela hore Modimo ha a ye ka tshobotsi,


Empa ba bang ba bona e ne e le matswallwa a Sipera le ba Sirene, bao eitseng ha ba fihla Antiokia ba bua le bahedene, ba ba ruta molaetsa o molemo wa Jesu Kreste.


Jwale bahlalefi ba bang ba Baepikure le ba Basetoike ba ngangisana le yena, mme ba bang ba re: “Ekaba moberaberi eo o rata ho reng?” Ba bang bona ba re: “E ka ka ke mmuelli wa medimo esele,” hobane o ne a bolela molaetsa o molemo wa Jesu le wa tsoho ya bafu.


hobane o ne a hlola Bajuda pontsheng, ka matla a maholo, a supa ka Mangolo hore Jesu ke Mesia.


Bajuda ba bang ba baleleri, ba lelekang meya e mebe, le bona ba leka ho bitsa lebitso la Morena Jesu hodima ba nang le meya e mebe, ba re: “Ke le laela ka lebitso la Jesu ya bolelwang ke Paulosi.”


Ha ba se ba mo kgethetse letsatsi, ba bangata ba tla ho yena, moo a dulang teng. A ba hlalosetsa, a paka tsa Mmuso wa Modimo. Ho tloha hoseng ho fihlela mantsiboya a leka ho ba kgodisa ka tsa Jesu, a ipapisitse le Molao wa Moshe le Baporofeta.


hore ho tle ho tle dinako tsa kgatholoho, tse tswang ho Morena, mme a tle a rome Jesu, eo a le kgethetseng yena e sa le pele ho ba Mesia.


Ka tsatsi le leng le le leng ha ba a ka ba phetsa ho ruta le ho kgothatsa ka Jesu Kreste, ka Tempeleng, le ka malapeng ka bonngwe.


Yaba lehaole le re ho Filipi: “Ke a o botsa hle, moporofeta o bolela see ka mang? Na o bua ka yena, kapa ka e mong osele?”


mme kapelepele a phatlalatsa matlung a thapelo hore Jesu ke Mora wa Modimo.


ha e le rona, re phatlalatsa tsa Kreste ya thakgisitsweng sefapanong, e leng kgopiso ho Bajuda le bothoto ho baditjhaba.


Ha ke ne ke ena le lona, ke ne ke ikemiseditse ho lebala tsohle, haese tsa Jesu Kreste feela, yena ya thakgisitsweng.


Bakorinthe, re buile le lona phatlalatsa, re le buletse dipelo tsa rona.


haeba ruri le utlwile tsa hae, mme le rutilwe nnete kamoo e leng kateng ho Jesu.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ