Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Diketso 8:29 - BIBELE

29 Yaba Moya o Halalelang o re ho Filipi: “Eya, o tsamaye le kariki eno.”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

29 Yaba Moya o re ho Filipi: Eya, o atamele koloi eo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

29 Yaba Moya o re ho Filipi: “Atamela, o tsamaye le koloi ena.”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

29 Yaba Moya o re ho Filipi: “Atamela, o tsamaye le koloi ena.”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Diketso 8:29
16 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ke tla arabela ba eso ka ba ipiletsa, ke be ke ba utlwe e le hona ba ntseng ba rapela.


A re lekeng ho tseba Morena, re ikitlaeletseng ho mo tseba. Ho tla ha hae ke ha nnete, ha nnete ya ho tla ha mafube; o tla tla ho rona sa medupe ya pula, sa pula tse kolobisang, tse kolobisang mobu selemo.”


Ha Petrose a ntse a nahana ka pono eo, Moya wa re ho yena: “Bona, banna ba babedi ba a o batla.


Moya wa re ho nna ke tsamaye le bona ke sa qeaqee ka letho. Le bana beso bana ba tsheletseng ba ya le nna, mme ra kena ka tlung ya monna eo.


A tla ho rona, a nka leqhama la Paulosi, a itlama maoto le matsoho ka lona, a re: “Moya o Halalelang o bolela tsena: ‘Bajuda ba tla tlama monga leqhama lena, tjena, kwana Jerusalema, ba neelane ka yena matsohong a baditjhaba.’ ”


Yare ha ba sa dumellane, ba qhalana, kamora hoba Paulosi a bue hape, a re: “Moya o Halalelang o buile hantle ho bo-ntata lona, ka moporofeta Esaya,


Lengeloi la Morena la bua ho Filipi, la re: “Tsamaya o ye nqa borwa, tseleng e theohang Jerusalema e yang Gasa, e bodutu.”


Jwale o ne a boela hae, a palame kariki ya hae, a bala bukeng ya moporofeta Esaya.


Filipi a mathela ho yona, a mo utlwa a bala bukeng ya moporofeta Esaya. A re ho yena: “Na o utlwisisa seo o se balang?”


Hoba ba nyolohe metsing Moya wa Morena wa nka Filipi, mme lehaole ha le a ka la hlola le mmona; la tswela pele leetong la lona le nyakaletse.


Tsena tsohle di etswa ke wona Moya oo o le mong feela, mme o abela e mong le e mong kamoo o ratang kateng.


Moya o bolela ka ho totobala hore mehleng ya morao ba bang ba tla kwenehela tumelo, ba kgomarele meya e kgelosang, le dithuto tsa bademona,


Ka baka leo, jwalokaha Moya o Halalelang o bolela: “Kajeno ha le utlwa lentswe la hae,


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ