Diketso 8:27 - BIBELE27 A ema, a tsamaya. Ho ne ho ena le monna wa Mokushe wa lehaole, e le letona la Kandake, mofumahadi wa Bakushe, le modisa wa matlotlo a hae wohle. O ne a tlile Jerusalema ho tla kgumamela Modimo. အခန်းကိုကြည့်ပါ။Sesotho 1909/1961 (SO)27 Yaba o tloha kapele, a ya teng. Mme a bona monna wa Ethiopia, letona le leholo la Kandase, mofumahadi wa Ethiopia, le moalosi wa maruo a hae kaofela, ya neng a tlile Jerusalema ho rapela; အခန်းကိုကြည့်ပါ။Baasraak Sotho NT27 A ema, a ya, a bona monna wa Moethiopia, leqhalaha la Kandake, mofumahadi wa Baethiopia, ya neng a okametse letlotlo lohle la hae, ya neng a tlile Jerusalema ho rapela. အခန်းကိုကြည့်ပါ။Contemporary Southern Sotho Bible 202427 A ema, a ya, a bona monna wa Moethiopia, leqhalaha la Kandake, mofumahadi wa Baethiopia, ya neng a okametse letlotlo lohle la hae, ya neng a tlile Jerusalema ho rapela. အခန်းကိုကြည့်ပါ။ |
“Ke tla etsa pontsho hara bona, ba phonyohileng ke ba romele ditjhabeng tsa Tarshishe, le Pule, le Lode, e leng tsona tse tummeng ka ho fula ka metsu. Ke tla ba romela Tubale le Jafane, le dihlekehlekeng tse hole, tse eso utlwe botumo ba ka, tse eso bone le yona tlotla ya ka; ba tla phatlalatsa tlotla ya ka hara ditjhaba.