Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Diketso 8:24 - BIBELE

24 Simone a araba, a re: “Lona a le ke le nthapelle ho Morena, hore ke se ke ka hlahelwa ke letho la tseo le di boletseng.”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

24 Simone a araba, a re: Nthapelleng e le lona ho Morena, hore ke se ke ka welwa ke ntho le e nngwe ya tseo le di boletseng.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

24 Simone a araba, a re: Nthapelleng ho Morena, hore ke tle ke se ke ka hlahelwa ke letho la tseo le di boletseng.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

24 Simone a araba, a re: Nthapelleng ho Morena, hore ke tle ke se ke ka hlahelwa ke letho la tseo le di boletseng.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Diketso 8:24
15 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Yaba Aborahama o rapela Modimo, mme Modimo a fodisa Abimeleke le mosadi wa hae, le makgoba a basadi, mme ba tswala bana.


Jwale he, kgutlisa mosadi enwa wa motho, hobane monna wa hae ke moporofeta, o tla o rapella, mme o tla phela. Empa haeba o sa mo kgutlise, tseba hore ruri o tla shwa, wena le bohle ba heno.”


Kgosi ya re ho moporofeta wa Modimo: “Ako rapele Morena Modimo wa hao, o nthapelle hore letsoho la ka le fole.” Moporofeta enwa wa Modimo a rapela Morena, mme letsoho la kgosi la fola, la eba jwaloka pele.


e le hore ba tle ba etsetse Modimo wa mahodimo mahlabelo a monko o monate, mme ba tsebe ho rapella kgosi le bara ba yona.


Yaba re itima dijo, re rapela Modimo wa rona, mme a re utlwa.


Ka baka lena, nkang dipoho tse supileng le dipheleu tse supileng, le ye ho Jobo, mohlanka wa ka, le iketsetse nyehelo ya setjheso. Jobo, mohlanka wa ka, o tla le rapella. Nna ke tla ananela thapelo ya hae, ke se ke ka le otla ho ya ka bothoto ba lona, hobane ha le a ka la bua ka nna ka mokgwa o tshwanelang, jwalokaha Jobo, mohlanka wa ka, yena a ile a bua.”


Jwale ke a le kopa: a le ke le ntshwarele sebe sena sa ka lekgetlo lena feela, mme le rapele Morena Modimo wa lona, hore a mpe a tlose lefu lena ho nna.”


Le nke mehlape ya lona ya dinku, le mehlape ya lona ya dikgomo, jwalokaha le ile la bolela; le tsamaye, mme le nna le ntlhohonolofatse!”


Faro a bitsa Moshe le Arone, a re: “Rapelang Morena hore a tlose dihohwana tsena ho nna le ho setjhaba sa ka, mme ke tla lokolla setjhaba hore se yo etsetsa Morena sehlabelo.”


Kgosi Sedekiya a roma Jukale, mora wa Shelemiya, le moprista Sofonea, mora wa Maasiya, ho moporofeta Jeremia, a re: “Ako re rapelle ho Morena Modimo wa rona hle!”


ba re ho moporofeta Jeremia: “Re a o kopa: Ako mamele thapedi ya rona o re rapelle ho Morena Modimo wa rona, o rapelle le masalla ana wohle, hobane jwalokaha o bona, re se re setse re se bakae, ha pele re ne re le bangata.


Setjhaba sa tla ho Moshe, sa re: “Re entse sebe, hobane re lwantshitse Morena, le wena re o lwantshitse. Ako rapele Morena hore a tlose dinoha tsena hara rona.” Moshe a rapella setjhaba.


Motho ka mong a ipolele dibe ho ba bang, mme le rapellane, hore le tle le fole. Thapelo ya motho ya lokileng e matla haholo.


Yaba setlhaba sohle se re ho Samuele: “Rapella bahlanka ba hao ho Morena Modimo wa hao, hore re se ke ra shwa, hobane ka ho ikopela kgosi, re ekeditse bobe bo bong hodima dibe tsohle tsa rona.”


Ha e le nna ho ke ke ha etsahala hore ke sitelwe Morena ka ho phetsa ho le rapella. Ke tla le ruta se molemo le se lokileng.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ