Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Diketso 8:20 - BIBELE

20 Empa Petrose a re ho yena: “Tsamo shwela kwana le tjhelete ya hao! O lekanya hore mpho ya Modimo e rekwa ka tjhelete!

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

20 Empa Petrose a mo araba, a re: Ditjhelete tsa hao a di ke di timele le wena, ha o lekantse hobane neo ya Modimo e rekwa ka ditjhelete.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

20 Petrose a re ho yena: Chelete ya hao e ke e timele le wena, kahobane o hopotse hore neo ya Modimo e ka rekwa ka tjhelete.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

20 Petrose a re ho yena: Chelete ya hao e ke e timele le wena, kahobane o hopotse hore neo ya Modimo e ka rekwa ka tjhelete.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Diketso 8:20
23 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Mehopolo ya ya kgopo ke manyala ho Morena, polelo tsa ya lokileng tsona di kgahlisa Morena.


“Lona bohle ba nyorilweng, tloong le nwe metsi, le lona ba se nang tjhelete, tloong le reke dijo, le je! Tloong le ithekele veine, le ithekele le lebese, le di reke le se na tjhelete, le sa lefe letho.


Yaba Daniele o bua sefahlamahlo ho kgosi, o re: “Ipolokele dimpho tseo tsa hao, le meputso ya hao o e nee e mong osele. Leha ho le jwalo, ke tla balla kgosi mongolo ona, mme ke e hlalosetse seo o se bolelang.


Morena wa mabotho o bua tjena: ‘Thohako ena ke tla e romella. E tla kena ka tlung ya leshodu, e kene le ka tlung ya ya hlapanyang ka leshano ka lebitso la ka. E tla kena ka tlung ya hae, e funtsolle marulelo a yona, e heletse le marako a yona.’ ”


Fodisang bakudi, tsosang bafu, hlwekisang balepera, lelekang bademona; le amohetse feela, fanang feela.


hobane pelong ho tswa mehopolo e kgopo: polao ya sehloho, bofebe, bohlola, boshodu, bopaki ba leshano le diketseletso.


Yaba Judase eo o reka tshimo ka moputso wa bokgopo ba hae, mme yare hoba a tabane fatshe moo, mpa ya hae ya phatloha ka lehare, mala a petletseha.


Badumedi bohle ba bolotseng, e leng Bajuda, ba feleheditseng Petrose, ba hlollwa ha mpho ya Moya o Halalelang e theolelwa le ho baditjhaba,


Ka baka leo, ha Modimo a ba neile mpho e lekanang le eo a e neileng rona ba dumelang ho Morena Jesu Kreste, nna ke ne ke le mang nka thibelang Modimo?”


Petrose a re ho bona: “Bakang, mme e mong le e mong wa lona a kolobetswe ka lebitso la Jesu Kreste, le tle le tshwarelwe dibe tsa lona, mme le tla amohela mpho ya Moya o Halalelang.


a re: “Le nna mpheng matla ana, hore mang le mang eo ke mmeang matsoho a tle a amohele Moya o Halalelang.”


Ka baka leo, bakela bokgopo bona ba hao, mme o rapele Morena hore mohlomong o tle o tshwarelwe mohopolo wa pelo ya hao;


Itlhokomeleng, esere ka dipelong tsa lona la ba le mehopolo e mebe, la re: ‘Selemo sa bosupa, e leng selemo sa ho leballana melato, se atametse;’ ebe ngwanabo lona ya hlokang le mo tadima ka leihlo le lebe, ha le mo nee letho. Jwale o tla lla ka lona ho Morena, mme e tla ba le entse sebe.


Le se ke la tlisa medimo ya bohata ka matlung a lona, esere la timela jwaloka yona. Le e hloye ho hang, le e nyonye ho hang, hobane ke ntho e tla timetswa.”


Ha e le ba ikemiseditseng ho rua, ba wela lerabeng la moleko, le ditakatsong tse ngata tsa bothoto, tse kotsi, tse tetebeletsang batho tshenyehong le timelong.


Kgauta le silefera tsa lona di mafoome, mme mafoome a tsona e tla ba bopaki bo le ahlolang, a le je dinama jwaloka mollo. Le ipokelletse matlotlo mehleng ena ya bofelo.


“Bahwebi ba neng ba hweba ka tsena, ba ruisitsweng ke Babilona, ba tla ema hole, ka baka la ho tshaba tlhokofatso ya yona. Dillong le mahlomoleng


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ