Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Diketso 7:56 - BIBELE

56 mme a re: “Bonang! Ke bona mahodimo a butswe, le Mora Motho a eme ka letsohong le letona la Modimo.”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

56 A re: Bonang! ke bona mahodimo a phetlilwe, le Mora motho a eme ka letsohong le letona la Modimo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

56 A re: Bonang, ke bona mahodimo a phetlilwe, le Mora motho a eme ka letsohong le letona la Modimo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

56 A re: Bonang, ke bona mahodimo a phetlilwe, le Mora motho a eme ka letsohong le letona la Modimo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Diketso 7:56
17 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ka letsatsi la bohlano la kgwedi ya bone selemong sa mashome a mararo, ha ke le hara bathopuwa pela noka ya Kebare, ke ile ka bona mahodimo a buleha, yaba ke bona dipono tsa Modimo.


“Mohla Mora Motho a tlang ka tlotla ya hae, a ena le mangeloi wohle, o tla dula teroneng ya hae ya botlotlehi.


Hanghang hoba Jesu a kolobetswe, a tswa metsing, mme bonang, a bulelwa mahodimo, a bona Moya wa Modimo o theoha e ka leeba, o etla hodima hae;


Jesu a re ho sona: “Diphokojwe di na le mesima, dinonyana tse fofang di na le dihlaha, empa Mora Motho ha a na moo a ka samelang hlooho teng.”


Hanghang ha a etswa metsing a bona mahodimo a buleha, le Moya o theohela hodima hae e ka leeba,


Ha batho bohle ba kolobeditswe, Jesu le yena a kolobetswa. Ha a ntse a rapela lehodimo la buleha,


A re ho yena: “Kannetenete, ke a le bolella, le tla bona lehodimo le bulehile, mme mangeloi a Modimo a nyoloha, a theohela hodima Mora Motho.”


A bona lehodimo le bulehile, mme ho theoha ntho e nngwe e kang lesela le leholo, le lepelletswang fatshe le tshwerwe ka diqola tse nne.


Hona ha etsahala ka makgetlo a mararo, mme hanghang ntho eo ya nkelwa hape lehodimong.


Jwale ba howa ka mantswe a phahameng, ba ithiba ditsebe, ba mo rutlolohela hong.


Yaba ho bulwa tempele ya Modimo e lehodimong, mme ha bonahala areka ya selekane ka ho yona. Ha eba teng mahadima, le medumo, le letolo, le tshisinyeho ya lefatshe, le sefako se dinaka.


Jwale ka bona lehodimo le butswe, ka ba ka bona pere e tshweu, mopalami wa yona e le ya bitswang Ya Tshepahalang, Wa Nnete; o na le toka ha a ahlola, leha a lwana.


Kamorao ho tsena ka tadima, mme ka bona monyako o butsweng lehodimong. Lentswe lane la pele, le neng le bua le nna, le ka modumo wa terompeta, ka utlwa le re: “Nyolohela kwano, mme ke tla o bontsha tse tshwanetseng ho etsahala kamorao ho tsena.”


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ