Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Diketso 7:38 - BIBELE

38 Ke yena ya ileng a ba teng phuthehong e lehwatateng, a ena le lengeloi le neng le bua le yena Thabeng ya Sinai, a ntse a ena le bo-ntata rona; ke yena ya amohetseng dipolelo tse phedisang ho le nea tsona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

38 Ke yena ya kileng a ba phuthehong feelleng, hammoho le lengeloi le neng le bua le yena thabeng ya Sinai le bontata rona moholo; ke yena ya nkileng ditaba tsa bophelo ho re nea tsona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

38 Enwa ke yena ya neng a le phuthehong e lehwatateng, a ena le lengeloi le neng le bua le yena thabeng ya Sinai, a ena le bontata rona, ya ileng a amohela dipolelo tse phelang hore a tle a re fe tsona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

38 Enwa ke yena ya neng a le phuthehong e lehwatateng, a ena le lengeloi le neng le bua le yena thabeng ya Sinai, a ena le bontata rona, ya ileng a amohela dipolelo tse phelang hore a tle a re fe tsona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Diketso 7:38
26 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

matshwenyeho wohle a bona le yena a mo tshwenya. Hase lengeloi le ba pholositseng, ba pholositswe ke Morena ka seqo, ka lerato le ka mohau wa hae a ba lopolla; ho tloha kgale a ba nka, a ba a ba jara.


hobane Molao o neilwe batho ka Moshe, empa mohau le nnete di bile teng ka Jesu Kreste.


Moya ke wona o phedisang, nama ha e thuse letho; dipolelo tseo ke di buileng ho lona ke moya, mme ke bophelo.


“Ha ho fetile dilemo tse mashome a mane, lengeloi la iponahatsa ho yena lehwatateng la thaba ya Sinai, le le hara malakabe a sehlahla se meutlwa, se tukang.


“Moshe enwa, eo ba neng ba mo latole, ba re: ‘Ke mang ya o entseng mmusi le moahlodi?’ ke yena eo Modimo a mo romileng ka thuso ya lengeloi, le iponahaditseng sehlahleng, ho ba mmusi le molopolli.


lona ba amohetseng Molao oo le o neeleditsweng ke mangeloi, empa la se ke la o boloka.”


E mengata. Haholoholo ke hobane Bajuda ba tshepetswe ho boloka dipolelo tsa Modimo.


Ke Baiseraele, ke ba entsweng bana ba Modimo, ke ba neilweng tlotla, le dilekane, le Molao, le tshebeletso ya nnete ya Modimo, le ditshepiso.


Ha ho le jwalo, Molao o sebetsang? O ile wa etsetswa ho totobatsa ditlolo tsa molao, hore o sebediswe ho fihlela ho etla setloholo sa Aborahama se etseditsweng tshepiso, mme wa phatlalatswa ke mangeloi, ka mmoelanyi.


Moshe o re laetse Molao, ke lona lefa la phutheho ya ba Jakobo.


Lentswe le boletsweng ke mangeloi le tiile, mme ho le tlola le ho se le mamele ho nnile ha fumana moputso o lokelang.


Lentswe la Modimo le a phela, le a sebetsa. Le bohale ho feta disabole tsohle tse sehang kamahohle. Le phohlotsa ho ya fihla moo bophelo le moya di kopanang teng, manonyeletsong le mokong. Le ahlola mehopolo le merero ya pelo.


Le ka be le se le le ba rutang ba bang jwale, empa le sa ntse le hloka ho rutwa hape dithuto tsa ho qala tsa lentswe la Modimo. Bakeng sa hore le je dijo tse thata, le sa ntse le hloka ho ja lebese.


Ya buang a bue tsa Modimo; ya sebeletsang a sebeletse ka matla ao a a filweng ke Modimo; e le hore Modimo a tle a tlotliswe dinthong tsohle ka Jesu Kreste, eo tlotla le matla e leng tsa hae kamehla le mehla. A ho be jwalo!


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ