Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Diketso 7:36 - BIBELE

36 Ke yena ya ba ntshitseng Egepeta, a etsa dimakatso le mehlolo naheng eo, le Lewatleng le Lefubedu, le lehwatateng, ka dilemo tse mashome a mane.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

36 Ke yena ya ba ntshitseng Egepeta, a etsa mehlolo le meeka Egepeta, le Lewatleng le Lefubedu, le lefeelleng, ka dilemo tse mashome a mane.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

36 Ke yena ya ba ntshitseng, ka mora ho etsa mehlolo le dipontsho naheng ya Egepeta, le Lewatleng le Lefubedu, le lefeelleng ka dilemo tse mashome a mane.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

36 Ke yena ya ba ntshitseng, ka mora ho etsa mehlolo le dipontsho naheng ya Egepeta, le Lewatleng le Lefubedu, le lefeelleng ka dilemo tse mashome a mane.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Diketso 7:36
38 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Wa etsetsa Faro dipontsho le dimakatso, wa di etsetsa bahlanka ba hae, wa di etsetsa le tjhaba sohle sa naha ya hae, hobane o no tseba boikalatiso ba bona, kamoo ba ikalatisetsang bona kateng. Bitso la hao la tuma, jwalokaha le tumile kajeno.


Ka halefela moloko oo ka dilemo tse mashome a mane, ka ba ka re: “Ke setjhaba se pelo di kgelohileng, ha se tsebe ditsela tsa ka.”


se thatafatseng dipelo tsa lona jwaloka mohla Meriba, jwaloka mohla Masa, lehwatateng;


Kamora dilemo tse makgolo a mane le mashome a mararo, ka lona letsatsi leo, mabotho wohle a Morena a tswa naheng ya Egepeta.


Yaba Moshe o otlollela letsoho la hae hodima lewatle, Morena a tlosa metsi a lewatle ka moya o matla wa botjhabela, bosiu bohle; a fetola lewatle mobu o ommeng, mme metsi a arohana.


Ka dilemo tse mashome a mane bana ba Iseraele ba nna ba ja manna, ho fihlela ba fihla naheng e nang le baahi; ba ja manna ho fihlela ba fihla meeding ya naha ya Kanana.


Kahoo ke tla otlolla letsoho la ka, ke otle naha ya Egepeta ka mehlolo yohle, eo ke tla e etsa teng. Kamorao ho moo kgosi e tla le lokolla le tsamaye.


Morena a bua ho Moshe, a re: “Tloha sebakeng sena, wena le setjhaba seo o se nyolotseng naheng ya Egepeta, o se ise naheng eo ke ileng ka hlapanyetsa Aborahama, le Isaka, le Jakobo, ka re: ‘Ke tla e nea ditloholo tsa hao.’


Jesu a re ho lona: “Ha le sa bone dipontsho le mehlolo ha le ka ke la dumela.”


Ka dilemo tse ka bang mashome a mane a mamella mekgwa ya bona ha ba le lehwatateng.


Yaba Modimo o a ba furalla, o neelana ka bona ho sebeletsa lebotho la lehodimo, jwalokaha ho ngotswe bukeng ya baporofeta, ho thwe: “ ‘Na lona ba ntlo ya Iseraele, le nnyeheletse ka tse hlabilweng le ka dinyehelo ka dilemo tse mashome a mane lehwatateng?


Diaparo tsa lona ha di a ka tsa taboha, le maoto a lona ha a a ka a ruruha ka dilemo tsena tse mashome a mane.


se thatafatseng dipelo tsa lona jwaloka mohla ba mo fetohelang, jwaloka mohla ba mo lekang lehwatateng,


moo bo-ntata lona ba ileng ba nteka teng, ba nnonya, leha ba ne ba bone diketso tsa ka


Ha se na ho tshwana le selekane seo ke neng ke se etse le baholoholo ba bona, ha ke ne ke ba tshwere ka letsoho, ke ba ntsha naheng ya Egepeta. Kahobane ha ba a ka ba tiisetsa selekaneng sa ka, le nna ha ke a ka ka ba natsa, ho rialo Morena.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ