Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Diketso 7:23 - BIBELE

23 “Ha a ena le dilemo tse mashome a mane, pelong ya hae ha eba le takatso ya ho tjhakela bana babo, bana ba Iseraele.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

23 Eitse ha a se a hodile dilemo tse mashome a mane, pelo ya hae ya hlahelwa ke takatso ya hore a etele banababo, bara ba Iseraele.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

23 Eitse hobane a fihlele dilemo tse mashome a mane, ha fihla pelong ya hae ho etela banababo, bana ba Iseraele.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

23 Eitse hobane a fihlele dilemo tse mashome a mane, ha fihla pelong ya hae ho etela banababo, bana ba Iseraele.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Diketso 7:23
18 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Le naheng ya Juda Modimo a etsa hore setjhaba sa teng se be pelonngwe, ho phetha taelo ya kgosi le ya mahosana, ho ya ka polelo ya Morena.


Ka selemo sa pele sa puso ya Siruse, kgosi ya Peresiya, Morena a phethahatsa polelo eo a neng a e bolele ka Jeremia. Morena a susumetsa Siruse hore a etse phatlalatso ka lengolo, mme le romelwe mmusong wohle wa hae. Kgosi ya e ngola, ya re:


Jwale dihlooho tsa malapa a ba morabe wa Juda, le wa Benjamine, le baprista, le Balevi, le bohle bao Morena a neng a susumeditse meya ya bona, ba itokisetsa ho ya haha Tempele ya Morena Jerusalema.


Yaba Esera o re: “Ho bokwe Morena Modimo wa bo-ntata rona, ya rutileng kgosi hore e lakatse ho kgabisa Tempele ya Morena e Jerusalema,


Batho ba boela ba tla; bohle bao pelo tsa bona di ratang, le bohle ba pelo di tshweu, ba tlisetsa Morena dimpho bakeng sa ho etsa Tente ya Morena, le bakeng sa tshebeletso e tla etsetswa ka ho yona, le bakeng sa ho etsa diaparo tse halalelang.


Banna bohle le basadi bohle ba bana ba Iseraele, ba pelo di tshweu, ba tlisa dintho tsa mosebetsi oo Morena a neng a laetse Moshe hore o etswe, ba tlisetsa Morena dimpho tsa boithaopo.


Moshe a tsamaya, a kgutlela ho Jethero, mohwe wa hae, a re ho yena: “Ke a o kopa: Ako ntumelle ke kgutlele ho bana beso ba Egepeta, ke yo bona hore na ba sa phela.” Yaba Jethero o re ho Moshe: “Tsamaya ka kgotso!”


Ha ba bua le Faro, Moshe o ne a ena le dilemo tse mashome a robedi, Arone a ena le dilemo tse mashome a robedi a metso e meraro.


Pelo ya kgosi e ka atleng tsa Morena, o e isa moo a ratang sa metsi a molatswana.


Jwale, kamora matsatsinyana, Paulosi a re ho Baranabase: “A re boele re tjhakele badumedi motseng o mong le o mong oo re ileng ra phatlalatsa lentswe la Morena ho wona, re bone hore na ba phela jwang.”


Yare ha a bona e mong a etswa hampe, a mo thusetsa; a pheteletsa ya tlatlapuwang ka ho bolaya Moegepeta.


A re leboheng Modimo ya kentseng mafolofolo a jwalo pelong ya Tite, ka baka la lona,


Neo e nngwe le e nngwe e molemo, le mpho e nngwe le e nngwe e phethehileng, di tswa hodimo, di theoha ho Ramasedi, eo ho yena ho seng phetoho leha e le phifalo.


Modimo o kentse dipelong tsa tsona thato ya ho phetha morero wa hae, e leng morero o le mong, wa ho sebeletsa sebatana ka borena ba tsona, ho fihlela dipolelo tsa Modimo di phethahala.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ