Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Diketso 7:15 - BIBELE

15 Jakobo a theohela Egepeta, moo yena le bo-ntata rona ba hlokahaletseng teng.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

15 Jwale, Jakobo a theohela Egepeta, moo a shwetseng teng le bontata rona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

15 Jakobo a theohela Egepeta, mme a shwa, yena le bontata rona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

15 Jakobo a theohela Egepeta, mme a shwa, yena le bontata rona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Diketso 7:15
13 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Yaba Iseraele o a falla, o nka tsohle tseo a nang le tsona, mme ha a fihla Beeresheba, a etsetsa Modimo wa ntatae Isaka mahlabelo.


Mohla ke shwang jwaloka bo-ntate, o nkuke, o nntshe Egepeta, o yo nkepela mabitleng a bona.” Josefa a araba, a re: “Ke tla etsa kamoo o boletseng kateng.”


Ha Jakobo a qetile ho laela bana ba hae, a phutha maoto a hae, a a busetsa betheng, a neela moya, mme a orohela ho bang ka yena.


Yaba Iseraele o fallela Egepeta, Jakobo a jaka naheng ya Kama.


Josefa a shwa, le bana babo bohle, le moloko oo wohle.


Moshe a nka masapo a Josefa, hobane Josefa o ne a ile a hlapantsha bana ba Iseraele, a re: “Ruri Modimo o tla le etela; le tle le nyolohe le masapo a ka ha le tloha mona.”


Bo-ntata rona ba ne ba theohele Egepeta, mme ra phela teng nako e telele. Baegepeta ba ile ba re tuba, ba tuba le bo-ntata rona.


“Bo-ntata lona ba ne ba theohele Egepeta e le batho ba mashome a supileng, empa jwale Morena Modimo wa lona, o le ngatafaditse jwaloka dinaledi tsa lehodimo.”


Jwale wena o tla bua o le kapele ho Morena Modimo wa hao, o re: ‘Ntate e ne e le Moarame wa moleleri, a theohela Egepeta, a jaka teng le batho ba mmalwana. Empa ha a se a le moo ya eba setjhaba se seholo, se matla, se sengata.


Masapo a Josefa, ao bana ba Iseraele ba neng ba ile ba nyoloha le wona Egepeta, ba a epela Shekeme, seratswaneng seo Jakobo a neng a ile a se reka ho bana ba Hamore, ntata Shekeme, ka ditjhelete tse lekgolo tsa silefera, mme ya eba lefa la bana ba Josefa.


Isaka ka mo nea Jakobo le Esau; Esau ka mo nea naha e maralla ya Seire hore e be ya hae. Jakobo yena, le bana ba hae, a theohela Egepeta.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ