Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Diketso 6:11 - BIBELE

11 Yaba ba reka banna ba bang hore ba tle ba re: “Re mo utlwile a bua dipolelo tse nyefolang Moshe le Modimo.”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

11 Yaba moo ba hlohlelletsang banna ba bang hore ba tle ba re: Re mo utlwile a bolela ditaba tse nyefolang Moshe le Modimo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

11 Yaba ba qhekella banna ba reng: Re mo utlwile a bua dipolelo tse nyefolang Moshe le Modimo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

11 Yaba ba qhekella banna ba reng: Re mo utlwile a bua dipolelo tse nyefolang Moshe le Modimo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Diketso 6:11
28 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

“O se ke wa bolela taba tsa leshano. O se ke wa thusa motho ya kgopo, ka ho fana ka bopaki ba leshano.


Jwale baprista le baporofeta ba bua ho mahosana le ho setjhaba sohle, ba re: “Motho enwa o tlameha ho ahlolelwa lefu, hobane o porofetetse motse ona timelo, jwalokaha le ikutlwetse ka ditsebe tsa lona!”


Eitse ha a fihla Monyako wa Benjamine a fumana molaodi wa balebedi moo, eo lebitso la hae e neng e le Jiriya, mora wa Shelemiya, setloholo sa Hananiya. Yaba Jiriya o tshwara moporofeta Jeremia, o re: “Wena o ilo ineela ho Bakalatiya!”


mme ya nyefolang lebitso la Morena, ruri o tla bolawa. Setjhaba sohle se tla mo tlepetsa ka majwe e le kannete. Motho e ka ba mojaki kapa letswallwa la naha, ha a nyefola lebitso la Morena o tla bolawa.


hobane Molao o neilwe batho ka Moshe, empa mohau le nnete di bile teng ka Jesu Kreste.


Tsena tsohle ba tla di etsa hobane ba sa ka ba tseba Ntate leha e le nna.


re a tseba hore Modimo o ile a bua le Moshe, empa enwa ha re tsebe hore na o tswa kae.”


hobane ho tloha melokong ya kgalekgale, ho bile le ba rutang tsa Moshe motseng o mong le o mong, di balwa matlung a thapelo ka Sabatha se seng le se seng.”


Empa yare ha ba mo hanyetsa, ba mo nyefola, a hlohlora diaparo tsa hae, a re ho bona: “Madi a lona a be hodima dihlooho tsa lona; nna ha ke na molato. Ho tloha jwale ke tla ya ho baditjhaba.”


Ba howa, ba re: “Banna ba Iseraele, thusang! Monna enwa ke yena ya rutang batho bohle, kahohle, thuto e lwantshanang le setjhaba, Molao le Nqalo ena; ebile o kentse Bagerike ka Tempeleng, o silafaditse Nqalo ena e halalelang.”


ba mo kopa hore a ba tswele molemo wa hore Paulosi a romelwe Jerusalema, kaha ba ne ba rerile ho mo lalla tseleng, ba mmolaye.


Ha a fihlile, Bajuda ba neng ba theoha Jerusalema ba mo teela hare, ba mo qosa ka diqoso tse ngata, tse boima, empa tseo ba neng ba sitwa ho di pakahatsa.


Hangata, ka ho ba otla ka matlung wohle a thapelo, ka leka ho ba tlamella hore ba nyefole. Kaha ke ne ke ba halefetse ka ho fetisisa, ka ba hlorisa ho ya fihla le metseng e ka mathoko.”


Empa ba ne ba sitwa ho hlola bohlale le moya oo a neng a bua ka wona.


Ba fuduha setjhaba, le baholo, le Ditsebi tsa Molao, ba kgorohela Setefane, ba mo tshwara ba mo isa kgotla.


Ba hlahisa dipaki tsa bohata, tse reng: “Motho enwa ha a phetse ho bua dipolelo tse lwantshang Nqalo ena e halalelang le Molao.


Na ha ho molemo hore re etse bobe, e le hore tse molemo di tle di hlahe, jwalokaha ba bang ba re etseletsa, ka ho re re rialo? Bona ba lokelwa ke kahlolo.


leha pele ke ne ke le monyefodi, le mohlorisi, le moikakasi. Empa ke ile ka hauhelwa, kaha tsena ke di entse ke sa tsebe, ke eso be le tumelo.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ