Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Diketso 5:40 - BIBELE

40 Hoba ba bitse baapostola, ba ba shapa, ba ba laya hore ba se hlole ba bua ka lebitso la Jesu, ba nto ba lokolla.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

40 Ba mo dumela: eitse hobane ba bitse baapostola, ba ba shapa, ba ba laela hore ba se ke ba boela ba ruta ka lebitso la Jesu; ba ntoo ba lokolla.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

40 Ba mo dumela, mme ba bitsa baapostola, ba ba shapa, ba ba laela hore ba se ke ba bua ka lebitso la Jesu, mme ba ntoo ba lokolla.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

40 Ba mo dumela, mme ba bitsa baapostola, ba ba shapa, ba ba laela hore ba se ke ba bua ka lebitso la Jesu, mme ba ntoo ba lokolla.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Diketso 5:40
13 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ya lokileng o baballa phoofolo ya hae, mohau wa ya kgopo o kwetlile sehloho.


Ho dinohe ba re: “Le se hlole le bona dipono!” Ho baprorofeta, ba re: “Se re porofeteleng tse lokileng! Re bolelleng tse re thabisang, le re porofetele tsa bohata.


“Empa bakgethwa le ba nwesitse veine, la ba la hanela baporofeta, la ba hanela ho porofeta.


Baporofeta ba bohata ba re ho nna: “Se ke wa re porofetela, se ke wa porofeta dintho tsena; Modimo ha a ka ke a re hlabisa dihlong.”


Hlokomelang batho, hobane ba tla neelana ka lona makgotleng, ba le shape matlung a bona a thapelo.


ba neelane ka yena ho baditjhaba, hore ba mo some, ba mo shape, mme ba mo thakgise sefapanong, a nto tsoha ka letsatsi la boraro.”


Ka baka leo, ke le romela baporofeta, bahlalefi le Ditsebi tsa Molao. Ba bang ba bona le tla ba bolaya, le ba thakgise, mme ba bang ba bona le tla ba shapela matlung a lona a thapelo, le ba phaladise le metse yohle;


“Ha e le lona, hlokomelang! Ba tla neelana ka lona makgotleng, le tla shapuwa matlung a thapelo, le emiswe kapela babusisi le mahosi ka baka la ka, e be bopaki ho bona.


Ka nako ya teng, a roma mohlanka ho balemi, hore ba tle ba mo nee karolo ya ditholwana tsa tshimo, empa balemi ba mo kgakgatha, ba mo kgutlisa a se na letho.


a re: “Re le laetse ka thata hore le se ke la ruta ka lebitso lena, empa bonang, le tlatsitse thuto ya lona Jerusalema, mme le batla ho re jarisa molato wa ho bolaya motho eo!”


Ka makgetlo a mahlano Bajuda ba ile ba ntjhapa dithupa tse mashome a mararo a metso e robong.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ