Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Diketso 5:4 - BIBELE

4 Ha e eso rekiswe, na e ne e se ya hao na? Ha e se e rekisitswe, na tjhelete e ne e se matleng a hao na? Ke ka baka lang o ileng wa rera ka pelong ya hao ho etsa ketso ee? Ha o a thetsa batho, empa o thetsitse Modimo.”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

4 Ha ke re, tshimo leha e be e ituletse, e ne e le ya hao? mme leha o ne o rekile ka yona, theko ya yona e ne e sa ntse e le ya hao na? Ho ile kang ha o hopotse taba eo pelong ya hao? Leshano leo ha o a le etsa ho batho, empa o le entse ho Modimo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

4 Ha e sa ntse e le teng, na e ne e se ya hao na? le hoba e rekiswe, na e ne e se matleng a hao na? Ke ka baka lang o hopotseng taba e ka pelong ya hao? ha o a etsa leshano ho batho, empa o etseditse Modimo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

4 Ha e sa ntse e le teng, na e ne e se ya hao na? le hoba e rekiswe, na e ne e se matleng a hao na? Ke ka baka lang o hopotseng taba e ka pelong ya hao? ha o a etsa leshano ho batho, empa o etseditse Modimo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Diketso 5:4
26 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Hape ke a tseba, Modimo wa ka, hore o leka pelo ya motho, mme o thabela ho loka. Ha e le nna ke o nyeheletse ka dintho tsena tsohle ka boithaopo, ka pelo ya ka yohle. Jwale ke thabetse le ho bona setjhaba sa hao, se teng mona, se o nyehella ka boithaopo.


Ho feta mona, kaha ke rata Tempele ya Modimo wa ka, kahodima tsohle tseo ke seng ke di lokiseditse Tempele ena e halalelang, le nna ke abela Tempele ena ya Modimo wa ka matlotlo a ka a kgauta le a silefera:


e leng kgauta e tla etsa dintho tsa kgauta, le silefera e tla etsa dintho tsa silefera, le mesebetsi yohle e tla etswa ke ditsebi tsa mesebetsi ya matsoho. Jwale ke mang ya ithaopelang ho sebeletsa Morena kajeno?”


Setjhaba sa nyakalla, hobane bao ba ne ba ithaopetse ho fana, mme ba efa Morena ka dipelo tsa bona tsohle. Kgosi Davida le yena a thaba haholo.


Ba emola tlokotsi, ba tswale bokgopo, thetso ke yona ngwana popelo ya bona.”


Lentswe le eso be teng lemeng la ka, o se o le tseba hantle, Morena.


a lokise dibetsa tse bolayang, metsu ya hae a e etse ditsenene tse malakabe.


Moshe a re: “Ke Morena ya tla le fa nama mantsiboya, hore le je; le bohobe hoseng, hore le kgore, hobane o utlwile kamoo le mo korotlelang kateng. Rona re bo-mang? Ha le korotlele rona, le korotlela Morena.”


Banna bohle le basadi bohle ba bana ba Iseraele, ba pelo di tshweu, ba tlisa dintho tsa mosebetsi oo Morena a neng a laetse Moshe hore o etswe, ba tlisetsa Morena dimpho tsa boithaopo.


Ho molemo ha o ke ke wa etsa kano, ho ena le hore o e etse, ebe ha o e phethahatse.


Ha ho le ya mong ya batlang toka, ha ho le ya mong ya buang nnete dinyeweng; ba tshepa dikgang tsa mafeela, ba bua leshano; mehopolo ya bona e mebe, mme e tswala bokgopo.


“ ‘Morena Modimo o bua tjena: Mohlang oo o tla fihlelwa ke mehopolo kelellong ya hao, ebe o rera merero e mebe.


Ke ka hona wena le balatedi bohle ba hao le ikopantseng ho lwantsha Morena. Arone ke mang, haeka le a mo korotlela tjee?”


“Ya le utlwang o a nkutlwa, ya le hanang o a nkgana, mme ya nkganang o hana ya nthomileng.”


Yaba Petrose o re: “Ananiase, ke ka baka lang Satane a keneng pelong ya hao hore o thetse Moya o Halalelang, mme o itshiele karolo ya tjhelete ya thekiso ya tshimo?


Petrose a re ho yena: “Ke ka baka lang le dumellaneng ho leka Moya wa Morena? Utlwa diqi tsa ba tswa epela monna wa hao di monyako, le wena ba tla o nkela kantle.”


athe dijo hase ntho e ka re atametsang ho Modimo. Ha re sa di je, re ke ke ra lahlehelwa ke letho; leha re ka di ja, re ke ke ra fumana letho.


Ka baka leo, ya hanang ditaelo tsena ha a hane motho, empa o hana Modimo, yena ya le neang Moya wa hae o Halalelang.


Empa ha ke a rata ho etsa letho ntle ho tumello ya hao, esere thuso ya hao ya eba ya ho qobellwa, e seng ya ho ithaopa.


Jwale ha takatso e mpe e se e emere, e tswala sebe, mme ha sebe se se se phethehile, se tswala lefu.


Morena a re ho Samuele: “O mamele tsohle tseo setjhaba se di buang ho wena, hobane hase wena eo se mo lahlang; se mpa se lahla nna, hore ke se ke ka se busa.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ