Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Diketso 5:17 - BIBELE

17 Moprista e Moholo le ba nang le yena, ba mokga wa Basaduke, ba ema lepaketla, ba tlala mohono,

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

17 Yaba moprista e moholo o a ema, le bohle ba nang le yena, e leng ba thuto ya basadusi, ba tletse mona;

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

17 Jwale, moprista e moholo, le bohle ba nang le yena, e leng ba lekga la Basadusi, ba ema, ba tlala kgalefo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

17 Jwale, moprista e moholo, le bohle ba nang le yena, e leng ba lekga la Basadusi, ba ema, ba tlala kgalefo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Diketso 5:17
24 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Sethoto se bolawa ke ho komakoma ha sona, sehlohwane sona se bolawa ke mona.


Pelo e nang le kgotso e phedisa motho hantle, empa mona o bodisa masapo a motho.


Kgalefo e sehloho, bohale bo a tlokoma, empa mona o ka engwa ke mang kapele?


Ka hlokomela hore boikitlaetso bohle le katleho yohle, di tswalwa ke ho honohelana ha batho. Hona le hona ke lefeela le tshwanang le ho lelekisa moya feela.


O ne a tseba hore ba neelane ka yena ka baka la mona.


Empa ha a bona Bafarisi le Basaduke ba bangata ba etla ho kolobetswa, a re ho bona: “Madinyane a marabe, ke mang ya le boleletseng hore le ka baleha bohale bo tlang?


Baprista ba baholo ba rera hore le yena Lasaro a bolawe,


Jwale Bafarisi ba buisana, ba re: “Na le a bona hore ha le thuse letho? Bonang, lefatshe lohle le mo setse morao!”


Empa Bajuda ha ba bona matshwele, ba kenwa ke mona, ba hanyetsa tse builweng ke Paulosi, ba mo nyefola.


Empa ba bang ba mokga wa Bafarisi, ba dumetseng, ba ema, ba re: “Eka kgona ba bolotswe, mme ba laelwe ho boloka Molao wa Moshe.”


Empa Bajuda ba eba mona, ba phutha banna ba bang ba kgopo, ba lebaleng la motse, ba ya le bona, ba tsosa moferefere motseng; ba futuhela ntlo ya Jasone, ba batla Paulosi le Silase ho ba tlisa kapela pitso ya setjhaba.


Dikgosi tsa lefatshe di eme ka maoto, le babusi ba kopane hammoho ho lwantsha Morena le Motlotsuwa wa hae.’


ba ena le Moprista e Moholo, Hannase, le Kaiafa, le Johanne, le Alekesandere, le bohle ba leloko la boprista bo boholo.


Le bongata bo tswang metseng e kathoko ho Jerusalema ba kgobokana, ba tlisa bakudi le ba tshwenngwang ke meya e ditshila, mme bohle ba fodiswa.


“Baholoholo ba honohela Josefa, ba mo rekisa Egepeta, empa Modimo o ne a ena le yena,


mona, botahwa, bonyollo, le tse ding tse jwalo. Jwalokaha nkile ka le bolella e sa le pele, ke sa boela ke le bolella hape hore ba etsang tse jwalo e ke ke ya eba majalefa a Mmuso wa Modimo.


Kapa le hopola hore Mangolo ha a bolele letho, ha a re: “Moya oo Modimo a o kentseng ho rona o o boulela haholo?”


Ka baka leo, lahlang bobe bohle, le mano wohle, le boikaketsi, le mohono, le diketseletso tsohle.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ