Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Diketso 4:34 - BIBELE

34 Ha se ke ha eba le ya hlokang, hobane bohle ba neng ba ena le masimo kapa matlo ba ne ba a rekisa, ba tlise tjhelete ya tse rekisitsweng,

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

34 Le hona ho ne ho se motho ya hlokang letho hara bona; hobane bohle ba neng ba ena le masimo, leha e le matlo, ba ne ba rekisa ka wona, ba tlisa theko ya tse rekilweng,

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

34 Ho ne ho se ya hlokang hara bona; hobane bohle ba neng ba e-na le masimo kapa matlo ba ne ba rekisa ka tsona, ba tlisa theko ya tse rekisitsweng.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

34 Ho ne ho se ya hlokang hara bona; hobane bohle ba neng ba e-na le masimo kapa matlo ba ne ba rekisa ka tsona, ba tlisa theko ya tse rekisitsweng.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Diketso 4:34
14 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Jesu a araba, a re ho yena: “Haeba o batla ho phetheha, eya, o rekise maruo a hao, o abele mafutsana tjhelete eo, mme o tla ba le letlotlo lehodimong; jwale o tle, o ntatele.”


Jesu a mo tadima, mme a mo rata, a re ho yena: “O haellwa ke ntho e le nngwe: Eya, o rekise tsohle tseo o nang le tsona, o abele mafutsana tjhelete eo, mme o tla ba le letlotlo lehodimong; jwale o tle, o ntatele!”


Rekisang maruo a lona, mme le thuse mafutsana; iketsetseng mekotlana e sa tsofaleng, letlotlo le sa feleng, mahodimong, moo ho sa atameleng leshodu, leha e le tshwele ho senya,


“Nna ke a le bolella: Iketsetseng metswalle ka leruo le sa lokang, hore e tle ere ha le fela, ba le amohele meahong e sa feleng.


Jesu a re ho bona: “Ha ke ne ke le romile le se na sepatjhe, mokotla, le meqathatso, na le ile la haellwa ke letho?” Ba re: “Le letho.”


Ba rekisa maruo a bona le dintho tseo ba neng ba ena le tsona, ba arolelana bohle kamoo e mong le e mong a hlokang kateng.


o ne a ena le tshimo; a e rekisa, a tlisa tjhelete, a e bea maotong a baapostola.


Nakong ya jwale nala ya lona e ba thusa bohloking ba bona, hore le nala ya bona e tle e le thuse bohloking ba lona. Ka tsela ena ho tla lekanwa,


“Morena Modimo wa lona, o le hlohonolofaditse mesebetsing yohle eo le e etsang. O ile a le hlokomela leetong la lona hara lehwatata lena le leholo. Ka dilemo tsena tse mashome a mane, Morena Modimo wa lona, o bile le lona, mme ha le a ka la hloka letho.


Ka tsela ena bophelo ba lona e be bo tshwanelehang mahlong a ba kantle, mme le se ke la hloka letho ho motho.


Kahoo ba tla ipokellela letlotlo le letle la kamoso, ba tle ba fumane bophelo ba nnete.


Borapedi bo hlwekileng, bo se nang sekodi mahlong a Modimo Ntata rona, ke bona: Ho tjhakela dikgutsana le bahlolohadi matshwenyehong a bona, le ho ipoloka re sa silafatswe ke tsa lefatshe.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ