Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Diketso 4:17 - BIBELE

17 Empa hore taba ena e tle se ke ya hasana haholo hara setjhaba, a re ba hlokomediseng ka ditshokelo, hore ba se hlole ba bua le motho le ya mong ka lebitso lena.”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

17 Empa hore taba tseo di se ke tsa eketsa ho hosana hara batho, a re ba laeleng ka ho ba sokela hore ba se ke ba boela ba ruta motho, leha a le mong, ka lebitso leo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

17 Empa hore taba eo e tle e se ke ya ata hara setjhaba, a re ba ekeleng hore ba se ke ba hlola ba bua le motho ka lebitso lena.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

17 Empa hore taba eo e tle e se ke ya ata hara setjhaba, a re ba ekeleng hore ba se ke ba hlola ba bua le motho ka lebitso lena.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Diketso 4:17
25 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ka baka leo, mahosana a re ho kgosi: “Re kopa hore monna enwa a bolawe, hobane o nyahamisa dipelo tsa bahlabani ba setseng motseng ona, le dipelo tsa setjhaba ka ho bua dipuo tse kang tsena. Monna enwa ha a lakaletse setjhaba sena boiketlo, o se lakaletsa bobe.”


“Empa bakgethwa le ba nwesitse veine, la ba la hanela baporofeta, la ba hanela ho porofeta.


Ka baka leo, ako laele hore lebitla le lebelwe ka thata ho fihlela letsatsi la boraro, esere mohlomong barutuwa ba hae ba tla mo utswa, mme ba re ho setjhaba: ‘O tsohile bafung!’ Leshano lena la morao le tla ba lebe ho feta la pele.”


Yaba mahlo a tsona a a bona. Jesu a di laya, a re: “Hlokomelang, ho se be motho ya ka tsebang!”


Empa ba tla le etsa tsena tsohle ka baka la lebitso la ka, hobane ba sa tsebe ya nthomileng.


Yare hoba ba eketse ho ba hlokomedisa ka ditshokelo, ba ba lokolla. Ka baka la setjhaba ba hloka seo ba ka ba ahlolelang sona, hobane setjhaba sohle se ne se tlotlisa Modimo ka se etsahetseng.


Ha molaodi wa Tempele, le baprista ba baholo ba utlwa mantswe ana, ba ipotsa hore na ntho ena ya baapostola e tla fella kae.


a re: “Re le laetse ka thata hore le se ke la ruta ka lebitso lena, empa bonang, le tlatsitse thuto ya lona Jerusalema, mme le batla ho re jarisa molato wa ho bolaya motho eo!”


Le lona beng ba makgoba, le a etse jwalo, le sa a sokele. Tsebang hore lona le wona le na le Morena a le mong mahodimong, ya sa yeng ka tshobotsi.


Ho tloha ha habo lona, lentswe la Morena ha le a ka la tuma Masedonia le Akaya feela, empa botumo ba tumelo ya lona ho Modimo bo ile ba fihla dibakeng tsohle, hoo re seng re sa hloke ho bua ka taba eo.


Ha a hlapaolwa, ha a a ka a busetsa; ha a hlokofatswa, ha a a ka a sokela motho, empa o ile a ipea matsohong a Moahlodi ya lokileng.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ