Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Diketso 4:13 - BIBELE

13 Yare ha ba bona sebete sa Petrose le Johanne, ba lemoha le hore ha ba a ruteha, ke batho feela, ba makala. Ba ba ba tseba hore ke ba bileng le Jesu.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

13 Eitse ha ba bona ho tiya ha Petrose le Johanne, athe ba tseba hobane ke batho ba sa rutehang, e le batho feela, ba makala, mme ba lemoha hobane ba kile ba tsamaya le Jesu.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

13 Yare ha ba bona sebete sa Petrose le Johanne, mme ba lemohile hoba ke batho ba sa rutehang, ba hlokang tsebo, ba hlollwa; mme ba elellwa hore ba kile ba ba le Jesu.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

13 Yare ha ba bona sebete sa Petrose le Johanne, mme ba lemohile hoba ke batho ba sa rutehang, ba hlokang tsebo, ba hlollwa; mme ba elellwa hore ba kile ba ba le Jesu.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Diketso 4:13
22 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ka nako eo, Jesu a tswela pele, a re: “Ke a o boka, Ntate, Morena wa lehodimo le wa lefatshe, hobane ditaba tsena o di patetse ba bohlale le ba sedi, mme o di senoletse ba jwaloka bana.


Yare ha a etswa monyako, lekgabunyane le leng hape la mmona, la re ho ba neng ba le moo: “Enwa o ne a ena le Jesu wa Nasaretha.”


Hamoraonyana, ba emeng moo ba tla ho Petrose, ba re: “Kannete le wena o e mong wa bona, hobane le puo ya hao e a o paka.”


Jesu a roma Petrose le Johanne, a re: “Eyang, le re lokisetse Paseka, hore re tle re e je.”


Ha Jesu a bona mmae le morutuwa eo a mo ratang, ba eme moo, a re ho mmae: “Mme, mora wa hao ke eo.”


Bajuda ba makala, ba re: “O tseba tsa thuto jwang, a sa ithuta?”


Empa mahoohoo ana a sa tsebeng Molao a rohakehile.”


Ha ba bona monna ya fodisitsweng a eme le bona, ba hloka seo ba ka se hanyetsang.


Empa Petrose le Johanne ba ba araba, ba re: “Ahlolang e le lona hore na ho nepahetse mahlong a Modimo ho mamela lona, ho ena le ho mamela Modimo.


Jwale, Morena, ako tadime ditshokelo tsa bona, mme o etse hore bahlanka ba hao ba bolele lentswe la hao ka sebete.


Ha ba qetile ho rapela, sebaka seo ba neng ba kopanetse ho sona sa reketla, mme bohle ba tlala Moya o Halalelang, ba bolela lentswe la Modimo ka sebete.


Baranabase a mo nka, a mo isa ho baapostola, mme a ba hlalosetsa kamoo Saule a ileng a bona Morena kateng tseleng, le hore o ile a bua le yena, le kamoo a ileng a bua kateng phatlalatsa Damaseka ka lebitso la Morena.


Jwale a tsamaya a ena le bona Jerusalema yohle, a bua phatlalatsa ka lebitso la Morena.


Empa bao e leng dithoto ho lefatshe, Modimo o ba kgethile ho swabisa ba bohlale. Ba fokolang ho lefatshe, Modimo o ba kgethile ho swabisa ba matla;


Makunutu a pelo ya hae a tla senoleha. O tla itihela fatshe, a kgumamele Modimo, a phatlalatse, a re: “Ruri Modimo o teng hara lona.”


Kaha re na le tshepo e jwalo, re bua ka sebete,


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ