Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Diketso 4:1 - BIBELE

1 Ha Petrose le Johanne ba sa ntse ba buisana le batho, baprista, le molaodi wa Tempele, le Basaduke, ba fihla ho bona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

1 Yare ba sa bua le batho, baprista ba fihla ho bona, ba ena le molaodi wa tempele le basadusi,

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

1 Eitse ha ba ntse ba bua le setjhaba, baprista le molaodi wa tempele le Basadusi ba tla ho bona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

1 Eitse ha ba ntse ba bua le setjhaba, baprista le molaodi wa tempele le Basadusi ba tla ho bona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Diketso 4:1
20 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Jwale ba utlwisisa hore o ne a sa re ba hlokomele tomoso ya bohobe bo jewang, empa ba hlokomele thuto ya Bafarisi le Basaduke.


Ba roma barutuwa ba bona ba ena le balatedi ba Heroda, mme ba re: “Moruti, re a tseba hore o motho wa nnete, mme o ruta tsela ya Modimo kannete, ha o natse motho, hobane ha o ye ka tshobotsi.


Empa baprista ba baholo le baholo ba hlohlelletsa letshwele hore le kope Barabase, Jesu yena a bolawe.


Ka mokgwa o jwalo le baprista ba baholo, le Ditsebi tsa Molao, le baholo ba mo soma, ba re:


Empa ha a bona Bafarisi le Basaduke ba bangata ba etla ho kolobetswa, a re ho bona: “Madinyane a marabe, ke mang ya le boleletseng hore le ka baleha bohale bo tlang?


Ka le leng la matsatsi ao, Jesu o ne a ruta batho ka Tempeleng, a ba bolella molaetsa o molemo. Baprista ba baholo le Ditsebi tsa Molao le baholo ba tla ho yena,


A ya buisana le baprista ba baholo le balaodi ba Tempele kamoo a ka ba neelang yena kateng.


Hopolang polelo eo ke le boleletseng yona: ‘Mohlanka ha a moholo ho monga hae.’ Ha ba ntlhorisitse, le lona ba tla le hlorisa; ha ba bolokile lentswe la ka, le la lona ba tla le boloka.


Jwale Judase a ya teng le lebotho la bahlabani le balebedi ba neng ba romilwe ke baprista ba baholo le Bafarisi, ba tshwere mabone, le dirumola, le dihlomo.


ba ena le Moprista e Moholo, Hannase, le Kaiafa, le Johanne, le Alekesandere, le bohle ba leloko la boprista bo boholo.


Moprista e Moholo le ba nang le yena, ba mokga wa Basaduke, ba ema lepaketla, ba tlala mohono,


Ha molaodi wa Tempele, le baprista ba baholo ba utlwa mantswe ana, ba ipotsa hore na ntho ena ya baapostola e tla fella kae.


Yaba molaodi o ya le bahlanka, mme ba ba tlisa, feela e se ka dikgoka, hobane ba ne ba tshaba setjhaba, esere sa ba tlepetsa ka majwe.


Ba fuduha setjhaba, le baholo, le Ditsebi tsa Molao, ba kgorohela Setefane, ba mo tshwara ba mo isa kgotla.


Lentswe la Modimo la anafala, le palo ya barutuwa ya ngatafala haholo Jerusalema, le sehlophahadi sa baprista sa amohela tumelo.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ