Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Diketso 3:6 - BIBELE

6 Jwale Petrose a re: “Ha ke na silefera kapa kgauta, empa seo ke nang le sona ke o fa sona. Ka lebitso la Jesu Kreste wa Nasaretha ema, o tsamaye!”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

6 Yaba Petrose o re: Ha ke na silefera le kgauta; empa seo ke nang le sona, ke o fa sona: Ka lebitso la Jesu wa Nasaretha, ema, o tsamaye.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

6 Petrose a re: Silevera le kgauta ha ke na tsona; empa seo ke nang le sona, ke o fa sona: Ka lebitso la Jesu Kreste wa Nasaretha, ema, o tsamaye.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

6 Petrose a re: Silevera le kgauta ha ke na tsona; empa seo ke nang le sona, ke o fa sona: Ka lebitso la Jesu Kreste wa Nasaretha, ema, o tsamaye.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Diketso 3:6
22 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Le se ke la nka tjhelete ya kgauta, ya silefera, kapa ya lethose dipatjheng tsa lona.


Tsatsing leo ba bangata ba tla re ho nna: ‘Morena, Morena, na ha re a ka ra porofeta ka lebitso la hao, ra leleka bademona ka lebitso la hao, ra etsa diketso tse ngata, tse hlollang, ka lebitso la hao na?’


O entse sohle seo a neng a ka se etsa: o se a tlotseditse mmele wa ka kepelo.


Dipontsho tse tla felehetsa ba dumetseng ke tsena he: Ba tla leleka bademona ka lebitso la ka, ba bue dipuo tse ntjha,


Pilato a ngola le lengolo, a le maneha hodima sefapano. Ho ne ho ngotswe, ho thwe: JESU WA NASARETHA, KGOSI YA BAJUDA.


kamoo Modimo a neng a tlotse Jesu wa Nasaretha kateng, ka Moya o Halalelang le ka matla. Jesu a tsamaya hohle a ntse a etsa tse molemo, a fodisa ba neng ba hateletswe ke Diabolosi, hobane Modimo o ne a ena le yena.


La etsa hona ka matsatsi a mangata. Empa Paulosi ha a se a tenehile, a reteleha, a re ho moya oo: “Ke o laela ka lebitso la Jesu Kreste hore o tswe ho yena!” Wa tswa ka yona nako eo.


“Lona banna ba Iseraele, utlwang mantswe ana: Jwalokaha le lona le tseba, Jesu wa Nasaretha e ne e le monna ya neng a pakwe ke Modimo ho lona, ka diketso tse matla, le ka dimakatso le ka mehlolo eo Modimo a e entseng ka yena hara lona.


“Ka baka leo, ntlo yohle ya Iseraele e ke e tsebisise hore Jesu enwa, eo lona le mo thakgisitseng, Modimo o mo entse Morena le Mesia.”


Ka ho dumela lebitsong la Jesu, lebitso leo le matlafaditse monna enwa, eo le mmonang, le mo tsebang, mme tumelo e tswang ho Jesu ya mo fodisa pontsheng ya lona bohle.


Yaba o a ba sheba, a lebeletse ho fumana ho hong ho bona.


A mo tshwara ka letsoho le letona, a mo emisa; maoto a hae le maqaqailana a tiya hanghang.


ho ke ho tsejwe ke lona bohle, le ke setjhaba sohle sa Iseraele, hore ke ka lebitso la Jesu Kreste wa Nasaretha, eo lona le mo thakgisitseng, eo Modimo a mo tsositseng bafung. Ke ka lebitso lena monna enwa a emeng kapele ho lona, a fodile.


Yare hoba ba emise baapostola kapele ho lekgotla, ba ba botsa, ba re: “Hoo le ho entse ka matla afe, kapa ka lebitso lefe?”


Petrose a re ho yena: “Enea, Jesu Kreste o a o fodisa; tsoha o alole diphate tsa hao.” A tsoha hanghang.


Ho fihlela jwale re a lapa, re a nyorwa, re hlobotse, re a hlekefetswa, mme re a shota.


re le ba swabileng, empa re thabile; re le ba futsanehileng, empa re ruisa ba bangata; re le ba se nang letho, empa re ruile tsohle.


Ha thahasello e le teng, ho amohelwa seo motho a nang le sona, e seng seo a se nang sona.


Le tseba kamoo Morena wa rona Jesu Kreste a bileng mohau kateng; leha e ne e le morui, o ile a iketsa mofutsana ka baka la lona, hore ka bofutsana ba hae le tle le be barui.


Mamelang, bana beso ba ratehang. Na hase Modimo ya kgethileng bao e leng mafutsana mahlong a lefatshe, hore e be barui tumelong, le majalefa a Mmuso oo a o tshepisitseng ba mo ratang?


Ka ho ya ka neo eo a e filweng ke Modimo, motho ka mong a ke a sebeletse ba bang jwaloka moabi ya kgabane wa mohau wa Modimo, o iponahatsang ka mekgwa e mengata.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ