Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Diketso 3:26 - BIBELE

26 Modimo o hlahisitse mohlanka wa hae, a mo roma ho lona pele, ho hlohonolofatsa e mong le e mong wa lona, ha a sokoloha bobeng ba hae.”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

26 Ke lona bao Modimo o qadileng ka lona ho le hlahisetsa mohlanka wa wona Jesu, wa mo roma ho tla le hlohonolofatsa, ka ho sokolla e mong le e mong wa lona bobeng ba hae.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

26 Modimo o tsositse Mora wa wona Jesu ho lona pele, o mo romile ho lona pele, ho le hlohonolofatsa, ka ho fetola e mong le e mong wa lona makgopong a hae.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

26 Modimo o tsositse Mora wa wona Jesu ho lona pele, o mo romile ho lona pele, ho le hlohonolofatsa, ka ho fetola e mong le e mong wa lona makgopong a hae.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Diketso 3:26
41 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Lebitso la hae le se ke la lebalwa, le se ke la lebalwa le ka mohla, le hopolwe ha letsatsi le ntse le tjhaba. Ditjhaba tsohle di ke di hlohonolofale, di hlohonolofale ka baka la hae, merabe yohle e mmitse ya lehlohonolo.


“Ruri ke utlwile Efraime a itelela, a re: ‘Wena o ile wa nkotla, wa nkotla sa pohwana, pohwana ya lethapisana; nkgutlise ke hona, mme ke tla kgutla, hobane wena o Morena, Modimo wa ka.


o tla tswala mora, mme o tla mo rea lebitso la Jesu, hobane o tla pholosa setjhaba sa hae dibeng tsa sona.”


Jesu a araba, a re: “Ha ho moo ke romilweng, haese dinkung tsa ntlo ya Iseraele tse lahlehileng.”


le hore ka lebitso la hae, ditjhaba tsohle di phatlalletswe pako le tshwarelo ya dibe, ho qala Jerusalema.


Lona le kgumamela seo le sa se tsebeng; rona re kgumamela seo re se tsebang, hobane pholoho e tswa ho Bajuda.


empa le tla amohela matla ha Moya o Halalelang o se o theohetse hodima lona. Le tla ba dipaki tsa ka Jerusalema, le Judea yohle, le Samaria, le ho ya fihla dipheletsong tsa lefatshe.”


“Banna ba heso, bana ba Aborahama, le lona ba tshabang Modimo, lentswe lena la pholoho le rometswe ho rona,


Empa ke eo Modimo a mo tsositseng, a mo lokolla mahlokong a lefu, hobane ho ne ho ke ke ha etsahala hore lefu le mo tlamele ruri.


“Jesu eo, Modimo o mo tsositse, mme bohle re dipaki.


Empa ke qadile pele ka ba leng Damaseka le Jerusalema, le ba naheng yohle ya Judea, hamorao ka ya ho baditjhaba, ka ba phatlalletsa hore ba bake, ba sokolohele ho Modimo, ba etse mesebetsi e lokelang pako.


Modimo wa Aborahama, le wa Isaka, le wa Jakobo, Modimo wa bo-ntata rona, o tlotlisitse mohlanka wa hae, Jesu, eo lona le neelaneng ka yena, la mo hana kapele ho Pilato, ha yena a ne a rerile ho mo lokolla.


Le bolaile Mohlodi wa bophelo, eo Modimo a mo tsositseng bafung, mme rona re dipaki.


hore ho tle ho tle dinako tsa kgatholoho, tse tswang ho Morena, mme a tle a rome Jesu, eo a le kgethetseng yena e sa le pele ho ba Mesia.


Moshe a na a re: ‘Hara bana babo lona, Morena, Modimo wa lona, o tla le hlahisetsa Moporofeta ya kang nna. Le tle le mo mamele dinthong tsohle tseo a tla di bua ho lona.


Lona le bana ba baporofeta le majalefa a selekane seo Modimo a neng a se etse le bo-ntata rona, ha a re ho Aborahama: ‘Ditjhaba tsohle tsa lefatshe di tla hlohonolofala ka ditloholo tsa hao.’


Ha ke hlajwe ke dihlong ho bolela molaetsa o molemo, hobane wona ke matla a Modimo, a pholosang mang le mang ya dumelang, Mojuda pele, le yena moditjhaba.


Ke a tseba hore, mohla ke le etelang, ke tla tla ka mahlohonolo wohle a Kreste.


Ke a le bolella, ke re, Kreste e bile mosebeletsi wa Bajuda ho bontsha hore Modimo o na le nnete, hore a tiise ditshepiso tse etseditsweng bo-ntata rona,


Ho ke ho bokwe Modimo, Ntata Morena wa rona Jesu Kreste, ya re hlohonolofaditseng ka Kreste ka mahlohonolo wohle a moya, a tswang mahodimong.


Ho bokwe Modimo, Ntata Morena wa rona Jesu Kreste. Ka baka la boholo ba mohau wa hae, o re tswetse botjha ka tsoho ya Jesu Kreste bafung, hore re tle re be le tshepo e phelang,


Se busetseng bobe ka bobe, kapa tlhapa ka tlhapa, empa le hlohonolofatse, hobane Modimo o le bitseditse ho ja lefa la mahlohonolo, hobane ho thwe:


Ho ya nang le matla a ho le boloka hore le se ke la kgoptjwa, le a ho le hlahisa kapela tlotla ya hae le se na sekodi, le nyakaletse,


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ