Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Diketso 3:19 - BIBELE

19 Ka baka leo, bakang, le sokolohe, dibe tsa lona di tle di hlakolwe,

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

19 Bakang ke hona, mme le sokolohe, dibe tsa lona di tle di hlakolwe,

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

19 Ka moo he, bakang, mme le sokolohe, hore dibe tsa lona di hlakolwe, hore ho tle ho fihle dinako tsa kgatholoho tse tswang sefahlehong sa Morena;

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

19 Ka moo he, bakang, mme le sokolohe, hore dibe tsa lona di hlakolwe, hore ho tle ho fihle dinako tsa kgatholoho tse tswang sefahlehong sa Morena;

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Diketso 3:19
73 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Jwalokaha botjhabela bo le hole le bophirimela, le ditlolo tsa rona o a di suthisa, o di suthisetsa hole le yena hakaalo.


O se ke wa ntelekela hole le wena, wa nkamoha Moya wa hao, Moya o Halalelang.


Fedisa sebe sa ka, ke tle ke hlweke; o ntlhatswe, ke tle ke be mosweu, ke be mosweu ho feta lehlwa.


Nna, nna ke inotshi, ke hlakola ditshito tsa hao, ke di hlakola ka baka la ka, ha ke sa hlola ke hopola dibe tsa hao.


Ke hlakotse tshito tsa hao jwaloka leru, ka hlakola dibe tsa hao jwaloka mohodi, kgutlela ho nna, hobane ke o lopolotse.”


Balopollwa ba Morena ba tla kgutla, ba kene Sione ba bina ka nyakallo, thabo ya kamehla yohle e be mefapahlooho ya bona, thabo le nyakallo di ba aperele, maswabi le masisapelo wona a ba tlohele.


Thotofatsa dipelo tsa batho bana, o thibe ditsebe tsa bona, o tutubatse mahlo a bona, esere mohlomong ba bona ka mahlo a bona, ba utlwa ka ditsebe tsa bona, ba utlwisisa ka dipelo tsa bona, ba sokoloha, yaba ke a ba fodisa.”


ho nea ba Sione ba leng bofifing moqhaka o kgabane bakeng sa molora, ole ya thabo bakeng sa bofifi, seaparo sa thoriso bakeng sa maswabi, ba tle ba bitswe fate tsa ho loka, tse lenngweng ke Morena hore a tle a tlotliswe.


Moloko wa bona o tla tsejwa ke baditjhaba, ditloholo tsa bona di tsejwe hara matjhaba; bohle ba di bonang ba tla di tseba, ba di tsebe e le moloko, moloko o hlohonolofaditsweng, wa hlohonolofatswa ke Morena.”


Mohlomong ba morabe wa Juda ba tla utlwa dikoduwa tsohle tseo ke rerileng ho ba dihela tsona, mme motho ka mong a bake mekgweng ya hae e mebe, ebe ke ba tshwarela bokgopo ba bona le sebe sa bona.”


Ka matsatsi ao, le ka nako eo,” ho rialo Morena, “bokgopo ba Baiseraele bo tla batlisiswa, empa ha bo ka ke ba ba ba fumaneha; le dibe tsa morabe wa Juda di tla batlisiswa, empa le tsona ha di ka ke tsa ba tsa fumaneha, hoba masalla ao ke tla a tshwarela.”


A re hlahlobeng tsela tsa rona, re di lekole, ebe re boela re kgutlela ho Morena.


Re kgutlisetse ho wena Morena, re tla kgutla, ntjhafatsa tshiu tsa rona di be jwaloka pele.


Ere ho bona: ‘Ke a hlapanya, ho rialo Morena Modimo, ha ke thabele lefu la ya kgopo, empa ke thabela ha ya kgopo a kgutla ditseleng tsa hae a tle a phele. Kgutlang! Kgutlang ditseleng tsa lona tse kgopo! Ke ka baka lang, lona ba ntlo ya Iseraele le ratang ho shwa?’


Jwalokaha ho ngotswe Molaong wa Moshe, koduwa ena yohle e re wetse hodimo. Empa le jwale ha re eso ka re rapela Morena Modimo wa rona ka ho furalla bokgopo ba rona, le ka ho latela nnete ya hae.


Itokisetseng tseo le tla di bua, le kgutlele ho Morena, le re ho yena: “Ako re tshwarele bokgopo bohle ba rona, mme thapedi ya rona o e amohele. Bakeng sa ho nyehela ka mahlabelo a dipohwana, re tla o boka ka melomo ya rona.


Pelo tsa lona di ke di swabe, ho ena le ho hahola diaparo tsa lona. Kgutlelang ho Morena, Morena Modimo wa lona, hobane o mosa, o mohau, o dieha ho halefa, o tletse lerato, o hauhela ba etsang bokgopo.


Dipelo tsa setjhaba sena di thotofetse, mme ditsebe tsa sona di thibane, se itutubaditse mahlo, esere mohlomong sa bona ka mahlo a sona sa utlwa ka ditsebe tsa sona, sa sokoloha, yaba ke a se fodisa.’


a re: “Ruri ke re ho lona, ha le sa fetohe la tshwana le bana, le ke ke la kena Mmusong wa mahodimo.


O tla sokollela ba bangata ba bana ba Iseraele ho Morena Modimo wa bona.


Empa a latola, a re: “Hela mosadi, ha ke mo tsebe!”


Yare ha ba phuthehile, ba mmotsa, ba re: “Morena, na ka nako ee o tla boela o tsosetsa Baiseraele borena?”


Yare ha ba utlwa tsena, ba thola. Jwale ba tlotlisa Modimo, ba re: “Efela le baditjhaba Modimo o ba neile pako e isang bophelong.”


Letsoho la Morena le ne le ena le bona, mme palo e kgolo ya ba dumelang ya sokolohela ho Morena.


Ba neng ba romilwe ke kereke ba feta Fenisia le Samaria, ba ntse ba bolela tsa tshokoloho ya baditjhaba, mme ba thabisa badumedi bohle haholo.


O entse ditjhaba tsohle ka madi a motho a le mong, hore di ahe lefatsheng lohle; a di beela dinako e sa le pele, le meedi ya boaho ba tsona,


Petrose a re ho bona: “Bakang, mme e mong le e mong wa lona a kolobetswe ka lebitso la Jesu Kreste, le tle le tshwarelwe dibe tsa lona, mme le tla amohela mpho ya Moya o Halalelang.


hobane pelo ya setjhaba sena e thatafetse, se thibane ditsebe, se itutubaditse; esere mohlomong sa bona ka mahlo a sona, sa utlwa ka ditsebe tsa sona, sa utlwisisa ka pelo tsa sona, sa sokoloha, yaba ke a se fodisa.’ ”


hore ho tle ho tle dinako tsa kgatholoho, tse tswang ho Morena, mme a tle a rome Jesu, eo a le kgethetseng yena e sa le pele ho ba Mesia.


Ke yena eo lehodimo le tshwanetseng ho mo amohela ho fihlela mehla ya ha ho busetswa dintho tsohle madulong, mehla eo Modimo a buileng ka yona ka melomo ya baporofeta ba hae ba halalelang, ho tloha mehleng ya boholoholo.


Bana beso, ho na le sephiri seo ke sa rateng hore le hloke tsebo ya sona, esere la ipona le le bohlale: e leng hore karolo e itseng ya setjhaba sa Iseraele e tla thatafala ho fihlela ha ho kene palo e lekaneng ya baditjhaba.


ka Letsatsi leo a tla tla ka lona ho tlotliswa ke bahalaledi ba hae, le ho babatswa ke bohle ba dumetseng. Le lona le tla ba hara bona hobane le dumetse bopaki ba rona.


Lona ba hlokofatswang o tla le imolla hammoho le rona, mohla Morena Jesu a bonahatswang, a etswa lehodimong le mangeloi a hae a matla,


A rute bahanyetsi ka bonolo. Mohlomong Modimo a ka ba fa hore ba bake, ba tsebe nnete,


Kaha re sietswe tshepiso ya ho kena phomolong ya hae, a re tshabeng, esere e mong wa lona a fumanwa a sitilwe ho kena.


Le ne le lahlehile jwaloka dinku, empa jwale le kgutletse ho Modisa le Mookamedi wa meya ya lona.


Feela, baratuwa, ntho eo le sa tshwanelang ho e lebala ke ena: Ho Morena letsatsi le le leng le jwaloka dilemo tse sekete, mme le dilemo tse sekete di jwaloka letsatsi le le leng.


O tla hlakola meokgo yohle mahlong a bona, mme lefu ha le sa tla hlola le eba teng, esita le mahlomola, kapa dillo, kapa bohloko, hobane tsa kgale di fetile.”


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ