Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Diketso 3:17 - BIBELE

17 “Jwale, bana beso, ke a tseba hore lona, jwaloka babusi ba lona, le entse hona ka baka la ho hloka tsebo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

17 Mme jwale, bana ba Ntate, ke a tseba hobane le entse hoo ka baka la ho se tsebe, le wona marena a lona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

17 Mme jwale, banabeso, ke a tseba hore le entse hoo ka ho se tsebe, jwalokaha le babusi ba lona ba entse.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

17 Mme jwale, banabeso, ke a tseba hore le entse hoo ka ho se tsebe, jwalokaha le babusi ba lona ba entse.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Diketso 3:17
23 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Abimeleke a re: “Ha ke tsebe hore na ke mang ya entseng ntho ena. Ha o eso ka o mpolella yona, le ho e utlwa ke qala ho e utlwa kajeno.”


Empa Josefa a hana, a re ho mosadi wa monga hae: “Bona, monga ka ha a tshwenngwe ke letho ha ke le teng, tlung mona, mme tsohle tseo a nang le tsona o di beile matsohong a ka.


Josefa a re ho bona: “Ke ketso nngwe ee, eo le e entseng? Na ruri ha le tsebe hore motho ya kang nna a ka noha?”


Ha setjhaba se bona hore Moshe o dieha ho theoha thabeng, sa bokanela Arone, mme sa re ho yena: “Tloo, o re etsetse modimo o tla re etella pele, hobane ke mona ha re tsebe hore na Moshe, monna ya re nyolotseng naheng ya Egepeta, ho etsahetse eng ka yena.”


Tloo hle, o nthohakele setjhaba sena, hobane se matla ho mpheta. Mohlomong nka tseba ho se hlola, ka se leleka naheng ena, hobane ke a tseba hore motho eo o mo hlohonolofatsang, o hlohonolofaditswe, mme eo o mo rohakang, o rohakehile.”


Jwale Pilato a bitsa baprista ba baholo, le babusi, le batho,


Jesu a re: “Ntate, ba tshwarele, hobane ha ba tsebe seo ba se etsang.” Jwale ba arolelana diaparo tsa hae ka lotho.


Empa ba tla le etsa tsena tsohle ka baka la lebitso la ka, hobane ba sa tsebe ya nthomileng.


Tsena tsohle ba tla di etsa hobane ba sa ka ba tseba Ntate leha e le nna.


Ba mo araba, ba re: “Na le wena o tswa Galelea? Fuputsa, mme o tla bona hore ha ho moporofeta ya tswang Galelea.”


hobane ba ahileng Jerusalema le babusi ba bona ba ne ba sa tsebe monna enwa le mantswe a baporofeta, a neng a balwa ka Sabatha se seng le se seng, empa ba a phethahaditse ka ho mo ahlola.


Le Moprista e Moholo le lekgotla lohle la baholo ba ka mpaka. Ba ile ba mpha mangolo a ngoletsweng Bajuda baheso ba Damaseka. Ka ya teng hore ke tlise ba Tsela ena Jerusalema ba tlamilwe, hore ba tle ba otlwe.”


“Jwale le nna ke ne ke hopotse hore ke tshwanetse ho etsa dintho tse ngata tse lwantshanang le lebitso la Jesu wa Nasaretha.


Yaba ba re ho yena: “Ha re eso ka re amohela mangolo a tswang Judea a buang ka wena; hape ha ho eso be le ya mong wa badumedi ya kileng a fihla a bolela kapa a bua se sebe ka wena.


ba re ho Arone: ‘Re etsetse medimo e tla re etella pele, hobane Moshe enwa, ya re ntshitseng naheng ya Egepeta, ha re tsebe se mo hlahetseng.’


Modimo ha a a lahla setjhaba sa hae seo a se tsebileng e sa le pele. Kapa na ha le tsebe seo Mangolo a se bolelang ka Elia, ha a ne a lla ho Modimo ka Baiseraele, a re:


Ke boo ho seng le ya mong wa babusi ba lefatshe lena ya kileng a bo tseba hobane, hojane ba ne ba bo tsebile, ba ka be ba sa ka ba thakgisa Morena wa tlotla.


Empa dikelello tsa bona di ne di thotofetse. Ho fihlela le kajeno-ya-bokajeno ha ba bala Testamente ya Kgale, lesira lane le ntse le ba siretse, ha le a tloswa; le fediswa ke Kreste feela.


Dikelello tsa bona di fifetse, ba fapohile bophelo ba Modimo, ka baka la bothoto ba bona, le ka baka la bothata ba dipelo tsa bona.


Empa haeba ho phela lefatsheng ho ka nthusa ho phetha mosebetsi wa bohlokwa, ke tla kgetha eng? Ha ke tsebe.


leha pele ke ne ke le monyefodi, le mohlorisi, le moikakasi. Empa ke ile ka hauhelwa, kaha tsena ke di entse ke sa tsebe, ke eso be le tumelo.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ