Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Diketso 28:30 - BIBELE

30 Paulosi a hlola moo lemo tse pedi tse tletseng, a le tlung eo a neng a e hirile, mme a amohela bohle ba tlang ho yena.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

30 Pauluse a hlola dilemo tse pedi ka tlung eo a e adimileng, a ntse a amohela bohle ba tlang ho yena.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

30 Pauluse a dula dilemo tse pedi tse tletseng tlung ya hae eo a e hirileng, mme a amohela bohle ba tlang ho yena.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

30 Pauluse a dula dilemo tse pedi tse tletseng tlung ya hae eo a e hirileng, mme a amohela bohle ba tlang ho yena.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Diketso 28:30
14 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Yaba kgosi Sedekiya o laela hore ba boloke Jeremia lebaleng la tjhankana, le hore ka tsatsi le leng le le leng a fuwe sengwathwana sa bohobe bo tswang ho ba phehang bohobe, ho fihlela bohobe bo fela motseng moo. Yaba Jeremia o dula moo lebaleng la tjhankana.


Yaba ba hula Jeremia ka mehala, ba mo nyolla ka mokoting. Jeremia a boela a dula lebaleng la tjhankana hape.


A re ho bona: “Tloong, le bone.” Ba ya, ba bona moo a dulang teng, mme ba hlola le yena letsatsi leo; e ne e ka ba hora ya bone mantsiboya.


Hoba tsena di phethahale, Paulosi a rera ka pelong ya hae ho feta Masedonia le Akaya ho ya Jerusalema, a re: “Ha ke se ke fihlile teng, eka kgona ke etele le Roma.”


Kamora dilemo tse pedi Felekise a hlahlangwa ke Porokiose Fesetose, mme ka ho rata ho kgahlisa Bajuda, Felekise a siya Paulosi ditlamong.


Ha re fihla Roma, Paulosi a dumellwa ho dula a le mong le mohlabani ya mo lebelang.


Yare hoba a bue mantswe ana, Bajuda ba tsamaya ba phehisane kgang ya letwatwa.


A phatlalatsa tsa Mmuso wa Modimo, a ruta tsa Morena Jesu Kreste ka sebete, ho se na thibelo.


Ha ho ka ba jwalo, ke tla le etela ke thabile, ke kgatholohe le lona, ha Modimo a rata.


Na ke bahlanka ba Kreste? Ke bua jwaloka lehlanya, ke re: Ke a ba feta! Ke sebeditse ka thata ho ba feta, ke bile tjhankaneng hangata ho ba feta, ka shapuwa haholo ho ba feta, mme ka makgetlokgetlo ke bile ntshing tsa lefu.


ditjhapong, ditjhankaneng, meferefereng, mesebetsing e boima, ho hloka boroko, tlaleng,


Ba ntlo ya bobusisi kaofela, le ba bang bohle, ba tseba hantle hore ke ditlamong ka baka la Kreste,


Empa hang hoba a fihle Roma, a mpatla ka mafolofolo ho fihlela a mphumana.


Phatlalatsa lentswe, o pheelle ho le bolela, ebang le a amohelwa kapa ha le amohelwe; nyatsa, kgalemela, kgothatsa, o ntse o ruta ka mamello yohle.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ