Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Diketso 28:28 - BIBELE

28 “Ka baka lena tsebang hore pholoho ena e tswang ho Modimo e fetiseditswe ho baditjhaba; bona ba tla mamela.”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

28 Tsebang jwale hore poloko eo ya Modimo e romelwa ditjhabeng, mme di tla e utlwa.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

28 Le tsebe hoba poloko ya Modimo e rometswe ho baditjhaba, mme ba tla e utlwa.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

28 Le tsebe hoba poloko ya Modimo e rometswe ho baditjhaba, mme ba tla e utlwa.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Diketso 28:28
26 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Jwale Morena o re: “Ke nthwana e fokolang hore o be mohlanka wa ka, o kgutlise merabe ya Jakobo, o kgutlise bana ba Iseraele bao ke ba babaletseng. Ke tla o etsa lesedi ho baditjhaba, o tlo fihlise ho pholosa ha ka pheletsong tsa lefatshe.”


Morena o bontshitse tsoho la hae le halalelang, a le bontsha moo tjhaba tsohle di ntseng di bona, pheletso tsohle tsa lefatshe di tla bona, di bone ho pholosa ha Modimo wa rona.


Ho molemo ha motho a eba le letshepa, a lebella ka mamello hore Morena a mo pholose.


Le ke le tsebe hore hase ka baka la lona ke etsang sena, ho rialo Morena Modimo. Lona ba ntlo ya Iseraele, hlajwang ke dihlong, le swabele boitshwaro ba lona!


mme batho bohle ba tla bona ho pholosa ha Modimo.’ ”


Yare ha ba utlwa tsena, ba thola. Jwale ba tlotlisa Modimo, ba re: “Efela le baditjhaba Modimo o ba neile pako e isang bophelong.”


“Banna ba heso, bana ba Aborahama, le lona ba tshabang Modimo, lentswe lena la pholoho le rometswe ho rona,


“Ka baka leo, tsebang he, bana beso, hore ka Jesu le phatlalletswa tshwarelo ya dibe. Le dinthong tsohle tseo le neng le sitwa ho fumanwa le se molato ho tsona ka Molao wa Moshe,


Ha ba fihla, ba phutha kereke, ba beha tsohle tseo Modimo a di entseng ka bona, le hore o buletse baditjhaba monyako wa tumelo.


Simone o boletse kamoo Modimo a qadileng kateng ho bontsha paballo ya hae ho baditjhaba ka ho ikgethela setjhaba hara bona.


hore batho bohle ba tle ba batle Morena, esita le baditjhaba bohle ba reng ka nna,’ “ho rialo Morena ya etsang tsena,


Empa yare ha ba mo hanyetsa, ba mo nyefola, a hlohlora diaparo tsa hae, a re ho bona: “Madi a lona a be hodima dihlooho tsa lona; nna ha ke na molato. Ho tloha jwale ke tla ya ho baditjhaba.”


Yaba Petrose, a ena le ba leshome le motso o mong, o a ema, o phahamisa lentswe, o re ho bona: “Banna ba Judea, le lona baahi bohle ba Jerusalema, tsebang sena, mme le mamele mantswe a ka ka tsebe e lethwethwe.


“A re ho nna: ‘Eya, hobane ke tla o roma hole, ditjhabeng!’ ”


Yare hoba a bue mantswe ana, Bajuda ba tsamaya ba phehisane kgang ya letwatwa.


ho ke ho tsejwe ke lona bohle, le ke setjhaba sohle sa Iseraele, hore ke ka lebitso la Jesu Kreste wa Nasaretha, eo lona le mo thakgisitseng, eo Modimo a mo tsositseng bafung. Ke ka lebitso lena monna enwa a emeng kapele ho lona, a fodile.


Empa Morena a re ho yena: “Eya, hobane monna eo ke mohlanka eo ke mo kgethileng ho tsebisa baditjhaba, le dikgosi, le bana ba Iseraele lebitso la ka.


Jwale ke a botsa: Na Baiseraele ba ile ba kgoptjwa hore ba wele ruri? Le kgale! Empa ka baka la tshito ya bona, ho pholoswa baditjhaba, e le hore Baiseraele ba tle ba be lefufa.


Hamorao a amohela letshwao la lebollo ho paka ho loka ha hae, hoo a ho fihletseng ka tumelo a eso bolle. Kahoo ya eba ntata bohle ba dumelang leha ba sa bolla, hore ba tle ba ballwe ho loka.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ