Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Diketso 28:20 - BIBELE

20 Ka baka lena he, ke le bitsitse ho le bona le ho buisana le lona, hobane ke ka baka la tshepo ya Iseraele ke tlamilweng ka mahlaahlela ana.”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

20 Ke ka baka leo ke le bitsitseng ho le bona le ho bua le lona; hobane ke tlamilwe ka lehlaahlela lena ka baka la tshepo ya Iseraele.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

20 Ke ka baka leo ke le bitsitseng hore ke tle ke le bone, ke bue le lona, hobane ke tlamilwe ka ketane ena ka baka la tshepo ya Iseraele.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

20 Ke ka baka leo ke le bitsitseng hore ke tle ke le bone, ke bue le lona, hobane ke tlamilwe ka ketane ena ka baka la tshepo ya Iseraele.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Diketso 28:20
18 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Lena ke lentswe la Morena le ileng la fihla ho Jeremia, hoba Nebusaradane, mookamedi wa balebedi ba kgosi, a mo lokolle motseng wa Rama. O ne a ile a fumana Jeremia a tlanngwe ka mahlaahlela, a le hara bathopuwa bohle ba neng ba etswa Jerusalema le Juda, ba iswa bothopuweng, Babilona.


Ka baka leo, ke tlile ke se na pelaelo ha ke bitswa. Ha ho le jwalo, ke botsa hore na le mpitseditseng?”


Ka hona ke ile ka romela ho wena ka potlako, mme o entse hantle ha o tlile. Jwale rona bohle re teng mona pela Modimo, ho utlwa tseo o di laetsweng ke Morena.”


Yaba molaodi wa ba sekete o a atamela, o tshwara Paulosi, o laela hore a tlangwe ka mahlaahlela a mabedi, a nto botsa hore na ke mang, mme o entseng.


Yare ha Paulosi a hlokomela hore karolo e nngwe ke Basaduke, e nngwe ke Bafarisi, a howa kahara lekgotla, a re: “Banna ba heso, nna ke Mofarisi, ke ngwana wa Mofarisi; ke qosetswa ho ba le tshepo ya hore bafu ba tla tsoha.”


Hape ke na le tshepo eo le bona ba nang le yona ho Modimo, ya hore ba lokileng le ba kgopo ba tla tsoha bafung.


Paulosi a re: “Leha e ka ba habonolo kapa hathata, ke rapela Modimo hore e se be wena feela, empa le bohle ba nkutlwang kajeno ba be seo ke leng sona, re fapane feela ka mahlaahlela ana.”


Ha etsahala hore kamora matsatsi a mararo, Paulosi a meme baetapele ba Bajuda. Ha ba se ba kopane a re ho bona: “Banna ba heso, le hoja ke sa etsa se hananang le setjhaba kapa le meetlo ya boholoholo, ke motshwaruwa ya tswang Jerusalema, ya neetsweng matsohong a Baroma.


Ke ka hona, nna Paulosi, ke le motshwaruwa ka baka la Kreste Jesu, le ka baka la lona baditjhaba, ke rapelang Modimo.


Jwale nna, ke le motshwaruwa ka baka la Morena, ke le rapela hore le phele ka mokgwa o tshwanelang pitso eo le bitsitsweng ka yona:


Leha ke le ditlamong, ke ntse ke le leqosa la wona. Nthapelleng hore ke tle ke bue ka molaetsa ona ka sebete, jwalokaha ke tlamehile.


Ba ntlo ya bobusisi kaofela, le ba bang bohle, ba tseba hantle hore ke ditlamong ka baka la Kreste,


Tumediso ena e ngotswe ke nna Paulosi, ka letsoho la ka. Se lebaleng hore ke ditlamong. Mohau o ke o be le lona.


Empa kajeno re o senoletswe ka ho iponahatsa ha Mopholosi wa rona, Kreste Jesu, ya fedisitseng matla a lefu, a senola bophelo le ho se shwe ka molaetsa o molemo.


oo ke hlokofatswang ka baka la wona, ke bileng ke leng ditlamong jwaloka sesenyi. Empa lentswe la Modimo lona ha le a tlangwa.


Ke ipeletsa ho wena malebana le ngwana wa ka, Onesimose eo ke mo tswaletseng ditlamong tsa ka;


Ke lakatsa ho mmoloka kwano, hore ha ke ntse ke le ditlamong ka baka la molaetsa o molemo, a tle a ntshebeletse bakeng sa hao.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ