2 Babarebare ba teng ba re etsa ka mohau o moholo; hobane ba re amohela bohle, ba ba ba re besetsa mollo o moholo ka baka la pula e neng e ena, le ka baka la serame.
Yaba banna bohle ba Juda le ba Benjamine, ba phuthehela Jerusalema matsatsi a mararo a eso fete. Ka letsatsi la mashome a mabedi la kgwedi ya borobong, setjhaba sohle sa dula lebaleng le kapele ho Tempele ya Modimo, se ntse se thothomela ka baka la taba ena, se bile se qhaqhasela ka baka la pula ya ditlwebelele.
Empa moditjhaba ya jakileng hara lona, a be jwaloka letswallwa la naha; le mo rate jwalokaha le ithata, hobane le lona le ne le le baditjhaba naheng ya Egepeta. Ke nna Morena Modimo wa lona.
Ha baahi ba bona noha eo e leketla letsohong la hae, ba bolellana, ba re: “Ruri motho enwa ke mmolai, eo le hoja a phonyohile lewatleng, ka toka a ke keng a dumellwa ho phela.”
Kahoo ha ho sa le moditjhaba kapa Mojuda, ya bolotseng kapa ya sa bollang, ya hlaha, ya tala, lekgoba le molokolohi, empa ho na le Kreste feela; ke yena tsohle, mme o ho bohle.